sotho.709.scams
Ke boqhekanyetsi!
FUMANA R20 000 ka kgwedi o sebeletsa lapeng, e rialo papatso. E a lopetsa" Ho jwalo - o fumana dipapatso tsa mofuta ona hohle, dipalong tsa mabone mebileng, tsa mehala, dimakasineng esitana le dikoranteng. Di utlwahala di kgothatsa, haholo mothong ya iqakehetseng, ya batlang mosebetsi. Empa he, ha se tsona tsohle dipapatso tsa mofuta oo tse sebetsang.
Ya buellang Lefapha la Dikgwebo le Diindasteri, Vukani Mde, o bolela hore mesebetsi ena eo ho thweng ho yona o ka sebeletsa lapeng, e ebe e le mmomori feela wa hore le wena o fumane batho pele mohlomong o ka fumana tjhelete.
O entse mohlala ka hore mohlomong ho thwe o tla fumana R50 ka hora ka ho tlatsa diomfolopo. Empa o re, hore o tle o fumane R50 eo, le wena o tlameha ho iphumanela ba hao batho ba tla ba ka tlasa hao.
"Ba bang ba o romella bukana e nang leng dikeletso ka mekgwa ya ho sebeletsa lapeng, o mong wa yona e leng ho rekisa tsona dibukana tseo!" ke Mde hape.
Ho rekisa
"Seo ba hlileng ba se etsang, ke ho o rekisetsa sehlahiswa sa bona," ho rialo Thami Bolani wa ha National Consumer Forum.
"Ha ngata, ba o bolella ka moo o ka iketsetsang tjhelete o le lapeng ka tjhelete e nyane ka ho tlatsa diomfolopo.
"Ho tla re etlo ho wena e se e le kgale hore o hlokomele hore ha ho mosebetsi o tla o fumana, bakeng sa mosebetsi, o tla fumana lengolo le o bolellang hore le wena o etse papatso e tshwanang pampiring kapa makasineng - kapa ho thwe o romelle metswalle le ba lelapa papatso eo.
"Moo o tlang ho kgona ho etsa tjhelete, ke ha ho se ho na le batho ba arabelang papatso ya hao."
"Ka nako e nngwe, o tla fumana papatso e bolelang hore ho na le khampane e batlang batho ba tla sebeletsa lapeng nakwana kapa ka ho feletseng ba etsa mosebetsi wa kantorong mme moputso e le R4 000 le khomeshene ka hodimo," ho bolela Mde.
"Ya arabang ha ngata ha a bolellwe hore a lefe tjhelete e itseng ya ho ba setho! Ha o se o lefile tjhelete ya ho ba setho, o tla nehwa lenane la batho bao o tlamehang ho ba ngolla, o tla etsa jwalo ka kgopolo ya ho fumana moputso, empa ka mora nako o hlokomele hore ha ho jwalo. E tla re ha o hlokomela hore ha ho mosebetsi, o ikopanye le khampane e neng e ntshitse papatso, empa yona e tla bolela hore ha e nke karolo tabeng eo."
Thibelo
Tsela eo batho ba seng ba qhekellwa ka yona e qobelletse Lefapha la Dikgwebo le Diindasteri hore le kwale dipapatso tsena tsa ho sebeletsa lapeng. Sena, ho hlalosa Mde, se etsa hore menyetla ena ya ho sebeletsa lapeng e se be molaong.
Sena se etsa hore Advertising Standard Authority e kwale dipapatso tsa dikgwebo tsa mofuta ona tse kang ho tlatsa diomfolopo.
Kotlo ya ba tlolang molao ona, ke tjhelete e finyellang ho R200 000 kapa dilemo tse finyellang bohlanong tjhankaneng kapa tsona ka bobedi.
Taba ha se ho qhekellwa, ke hore o hlokomele hore o kenya tjhelete akhaontong ya mang le hore o e kenyetsa ntho e teng. [s]
' BAKENG SA THUSO! Haeba o kile wa ntsha tjhelete ya hao bakeng sa mosebetsi wa ho sebeletsa lapeng oo jwale o hlokomelang hore ke boqhekanyetsi, tlalehela DTI Customer Contact Centre ho 0861-843-384.
BONA SESOTHO - November 2007
Fumana tjheletehadi"
Tjhe ha ke kgolwe!
O qakehile, o batla mosebetsi" Hlokomela! Maafrika Borwa a mangata a se a kene sefing sa baqhekanyetsi ba tshepisang nyafunyafu ya tjhelete ka ho sebeletsa lapeng...
pale ka TEDDY GOMBA setshwantsho ka ROELENE PRINSLOO
Ho tlatsa diomflopo ke e nngwe ya ditsela tsa ho etsa tjhelete" Inahane hantle pele o kena "sefing" sena.
BONA - August 2007
