sotho.702.sandy
O RATA
ho ba lapeng
JWALO ka ha lenaneo la Strictly Come Dancing le ya mafelong, sebohodi sa lona, Sandy Ngema, o thabela ho iphomolela ha monate lapeng.
"Di ngata dintho tse etsahalang lenaneong lena ntle le ho tjeka," ke yena a ntse a tsheha. "Hopola ka moo Tamara Dey a neng a lemale lengole ka teng, le ka moo Ashley Hayden a neng a robehe monwana wa leoto ka teng?
"Empa seo o neng o so ka o se bona ke ka moo HHP a neng a tatetse kamoreng ya ho hlapela ka teng!"
Sena se bolela hore ke mosebetsi o moholo ho hlophisa lenaneo lena.
Ntle le ho hodisa baradi ba hae ba babedi, Luyanda (16) le Zinhle (12), le ho ba sebobodi sa TV, Sandy o boetse hape ke molaodi wa dipapatso C&R Umnobo.
"Ha o dutse o le mahlong a setjhaba, o mengwa ka hohle," o boletse jwalo. "Ke dilemo di tsheletseng ke etsa mosebetsi ona mme ke a o rata."
Motse ona a o ratang hakana o mane Bryanston. Ha se motse o moholohadi ona, empa o a rateha, o na le letamo la ho sesa.
"A ne a le teng a mang matlo ao ke neng ke a bone pele ho ena, empa ka rata ena," ke Sandy eo. "Kajeno ke dula ho yona mme ke kgotsofetse.
"E atamelane le e meng metse. E nkopotsa moo ke holetseng teng, ke bolela, Berea, Thekong.
"Mona ke metse e arotsweng ke diterata tse nne mme bana ba rona ba fumana le sebaka sa ho bapala mme le rona re kgona ho etelana jwalo ka baahisane!"
Sandy le baahisane ba hae, ba ne ba keteke letsatsi la mathwaso a selemo le bitswang Guy Fawkes, mmoho. Ha o kena lapeng ha Sandy o kgahlametswa ke difoto o kena feela monyako.
"Ke motlotlo jwalo ka ha ke ikgabiseditse yona ntlo ena ya ka ka hare," ho bolela Sandy. "Ha ke rate ho etsetswa."
Le yena jwalo ka rona bohle, ho ntse ho le teng dintho tse mo phoqang. Nakong eo a neng a etetse China, o ne a tle a rekile ditshwantsho tsa sesole sa Terracotta, empa di ne di fihle kwano, di se di le makumane, di mpshatlehile.
Sandy nqa tse ding, o ntse a e hloka keletso ya ditsebi - o ne a kope motswallae, Riaan "Die Nuutsman" Venter, ho mo akanyetsa kitjhene ya hae.
"Kitjhene ya ntlo ena e ne e le ya mofuta wa kgale, wa dilemo tsa bo 1970," ke Sandy eo. "Dikamore tse ding tseo a neng a di lokise, ke tsa ho hlapela."
Mabota esitana le dikgaretene, mebala ya teng e ne e se e thuntse.
"Mmala o bolou ke ona oo ke o ratang," ho rialo Sandy. "Leha ho le jwale, ke rata ho tjhentjhela ho o motala - o motle, ke a o rata."
Ho bontsha hore mmala o bolou o a o rata, o ka bona le betheng ya hae, o rata ona. Leha ho le jwalo, o bolou le ona ha o sale fatshe. Mmala ona o motala o ka o fumana haholo kantorong ya hae e hona moo lapeng la hae, ke sona sebaka seo a se sebedisang ha a sa rate ho phatsamiswa ha a sebetsa.
Kamoreng ya ho phomola teng o ka kgahlwa ke mmala o mopinki, moo tafole ya teng yona e kgabisitsweng ka kgalase e mmala o mofubedu. Ha o qamaka hohle ka tlung, o kgahlwa ke dikgalase tsa mefutafuta tse mebalabala. Sena se etsa hore motho a se makale hore hobaneng ba ha Swarovski Crystal ba ne ba kgethe ho sebedisa yena "dipapatsong" tsa bona.
Ha di felle moo, disofa tsa teng ke tsa maemo tseo Sandy a bolelang ha a tlwaetse ho phomola ho tsona le metswalle ya hae ba ntse ba ja lekomo. Hona kamoreng eo, ho na le TV e kentsweng leboteng - ka yona o leboha moratuwa wa hae Peter Ehrenreich wa Danmark, eo e leng setsebi sa dikepe.
Baratani bana ba se ba dutse mmoho dikgwedi tse ka bang tshelela kapa ho feta moo. Pele mohlankana eo wa hae a tla kwano, o ne a dula Singapore, ba ne ba rata e mong a dule kwana, le e mong kwana.
"Ka bobedi re ne re kopane hoteleng mona Thekong ha re ne re le kopanong ya tsa kgwebo. "Re ne re kopane tseleng e lebang boemafofaneng, mme le ka sefofaneng ra dula mmoho, ra di shwahla tseleng ho fihlela Joburg.
"O ne a kope hore re boele re bonane ha a boela a etele kwano. Re ne re dumellane!
"Re ne re dutse re ngollana melaetsa ya email - e leng ntho eo ke e ratang haholo. Ha a ne a tsheletse kwano, re ne re ba mmoho, re nyakalle, ho be monate ho be jwalo..."
Selemong se tlang, baratani bana ba ikemiseditse ka tse makatsang ka lerato la bona, e leng ntho e etsang hore a ikutlwe jwalo ka ngwana e monyane.
"Re ne re dumellane ka ho bonana ha nngwe ka kgwedi mme re lehlohonolo hobane re a kgona ho etsa seo. Re e re tjhentjhane, e be nna ya yang ho yena, kapa e be yena ya tlang ka kwano, ka nako e nngwe re kopane sebakeng se kang Thailand kapa Malaysia."
Sandy kajeno o motlotlo hobane ha ba sa tlameha ho nka maeto hore ba bonane, kajeno ba se ba le mmoho, kontinenteng e le nngwe, toropong e le nngwe, ntle ho tseo tsohle, ba lapeng le le leng. E nngwe ya dintho tseo a bileng motlotlo ho re bontsha tsona, re ka bala di-wardrobe tsa hae tse pedi tseo a leng motlotlo ka tsona.
Di-wardrobe tsena ba ne ba di reke lebenkeleng la ha IKEA mane Singapore e le mapolanka a arohaneng mme ba fihla ba ikgwesetsa ona. Mapolanka a di-wardrobe tsena a akantswe Yuropa mme se bohloko ke hore ha a so ka a fumaneha Afrika Borwa. "Ho ne ho re nke halofo ya letsatsi ho kgwesa dikarolwana tseo tsa tsona," o boletse jwalo Sandy a ntse a bososela.
Peter o boetse hape a etsa mosebetsi o makatsang jwalo ka ha a ile a kgwesa le dikarolo tsa dintho tse ding tseo Sandy a leng motlotlo ka tsona lapeng leo la hae jwalo ka dieta tseo a neng a di reke Brazil, Italy, Fora... Empa o tlameha ho etsa letho ka Missy, ke bolela ntjanyana eo Peter le bana ba hae ba e kgethetseng Sandy. Ntja ena e a seba, e tlwaetse ho kena dikamoreng o bone e se e tswa e nkile dieta tsa Sandy tse bokgabane tsa moetso wa Australia!
Sandy o ngongorehiswa haholo ke taba ya hore jwalo ka ha lelapa la hae le bonahala le ata, seo se bolela hore le tla hloka sebaka se bulehileng.
"Leha ho le jwalo, empa ha ke lakatse ho tloha motseng ona hobane ke o rata haholo," ke yena a ntse a edimola. "Mohlomong ho tla etsahala ke qetelle ke dula ntlong e nang le mekato e mmedi, e re ha ke le ho yona mona, ke bone kwana Magaliesberg!"
Empa ha jwale, o sa thabela ho phomola lapeng lena la hae.
"Ke ikutlwa ke le lehlohonolo ho fumana moputso ka mosebetsi oo ke o ratang. Ke na le baradi ba babedi ba nthatang haholo mmoho le monna ya motlotlo ka nna.
"Ke ikutlwa ke le mosadi ya lehlohonolo lefatsheng lena. Empa ke bona e le tshwanelo - mosebetsi ona ke o sebeleditse ka thata." [s]
Pale: Patricia McCracken
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Mekgabiso ya sefahleho: Deirdre Holzer
TSA DINALEDI
''
Ke dilemo di tshele-tseng ke le mona mme ke a ho rata
Sandy le moradi wa hae e monyane Zinhle le ntjanyana ya hae, Missy.
Sandy Ngema ya hasang Strictly Come Dancing o rata lelapa leo a tla qhanolla ho lona...
Phaposi ya ho robala ya Sandy, ke e lokelang phomolo e le ka nnete ha motho a etswa mosebetsing kapa a tswa moketjaneng o moholo wa boithabiso, o bona mohlwa o motala ka fenstere.
Dikgalase tse ntle le ditulo tse butshabutsha - setaele sena sa Sandy se etsa hore metswalle le ba leloko ba rate ho etela lapeng la hae nakong ena ya Keresemese.
''
Ke mo-tlotlo jwalo ka ha ke ikgabi-seditse yona ka hare
Sandy o thabile ka kitjhini ya hae, eo a e akanyeditsweng ke wa mophatho wa hae wa mehleng ho Strictly Come Dancing, Riaan Venter.
Sandy o ne a bapale hockey ho fihlela a ba a ba le bana - O ke ke o kgolwe hore ngwanana enwa o a tseba ho bapala "papadi" ena ha o ka bona dieta tsa hae.
