sotho.690.trivoct
BONA
NOKA ya Senqu ke yona e telele ho feta Afrika Borwa ka bolelele ba 2 200km.
Senqu e tloha dithabeng tsa Maluti e parole pakeng tsa Afrika Borwa le Lesotho mme e etse moedi ka borwa bophirima ba Foreisitata.
E fihle e parole letamong la Gariep (le leholohadi naheng ena) le ho la Vanderkloof.
Ka bophirima ho Foreisitata, ka borwa-bophirima ho Kimberley, Senqu e kopana le noka ya Lekwa e etsang moedi ka leboya ho lebatowa leo.
Ho tloha moo, noka ena e phalla e lebe ka bophirima e tabole ka borwa ho Kalahari le Namaqualand ho leba Namibia. Mona e phalla 550km e etse moedi pakeng tsa Afrika Borwa le Namibia.
Dikilomitareng tse 800 tsa ho qetela, Senqu e tsamaya e kenellwa ke phororo ya The Hundred Falls, kapa Augrabies Falls, tse lepellang bophahamong ba 122m boleleleng ba 26km.
Ho ya qetellong ya yona, e tsamaya e ba le dikgethe tsa kerabole mabopong a yona mme hara majwe ao, ho tletse le taemane mme he merafo e mengata e sebedisa karolo eo.
Senqu e fihla e kenelle lewatleng la Atlantic mane Alexander Bay, pakeng tsa Kapa le Walvis Bay.
BONA SESOTHO - October 2007
Dipapadi tsa mefutafuta
Leka tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng seo o se bonang?
maqephe a boithabiso
Noka ya Senqu
Mamela violin
Noka ya Senqu e parola toropong ya Vioolsdrif e moeding wa Afrika Borwa le Namibia.
Lebitso lena violin le rehelletse mokaubere o neng o dutse o eteletse pele sepane sa dipholo o ntse o letsa moropa wa hae!
NA O NE O TSEBA?
Na o ne o tseba hore "Nu Gariep" kapa "Gariep" ke a mang a mabitso a Noka ya Senqu.
Rona Basotho he re e bitsa Senqu.
Sethole se nka dihora tse 24 ho aha lehe le le leng - metsotsong e 30 ka mora moo, se boele se qalelle ho aha le leng le letjha.
MPTJHE e na le leihlo mmoho le dintshi tse kgolo ho feta diphoofolo tsohle lefatsheng.
Leihlo la mptjhe le leholo ho feta boko ba yona!
Thatolla
Ngola ditlhaku tsena ka tatellano ya tsona e nepahetseng
BOEING 777
777 ke sefofane sa pele sa kgwebo se neng sa akangwe ka khomputara. Se ne se phatlalatswe mohla la 9 Mmesa 1994 letotong la mekete e 15 e neng e etswa motsheare eo ho yona ho neng ho mengwa batho ba ka bang 100 000. Se ne se fofiswe lekgetlo la pele mohla la 14 Phupjane 1994, se fofiswa ke mofofisi e moholo wa difofane tse
ntjha tsa ha 777, John Cashman.
Bafofisi: 2
Bapalami: ba 305-365
Bolelele: 74m
Mapheo: 64,8m
Bophahamo: 18,5m
Boima: 166 881kg
Lebelo: 0,84 mach (892km/h)
BONA SESOTHO - October 2007
Pere e ja dijo tse phetileng boima ba yona ha supa ka selemo!
NA O NE O TSEBA?
Mofuta o mongata wa tshepe lefatsheng ke aluminium.
NA O NE O TSEBA?
Ke lejwe la mofuta wa pumice feela o fofang hodima metsi.
NA O NE O TSEBA?
Meya e meraro e tlwaelehileng sepakapakeng ke hydrogen, helium le oxygen.
BONA
BONA SESOTHO - October 2007
Dijohadi, ka nakwana...
Ntle le ho tuma ka ho ja haholo, katse e ja dijo tsa tsona tse ka bang 127 750, e leng boima bo phetileng boima ba yona ha 28, e leng ntho e tshwanang le metsing.
maqephe a boithabiso
Maekgepeta a pele a ne a kgollwa hore katse e bitswang "Bast" e ne e le mme wa dikatse tsohle. Ba ne ba rapela dikatse ka kgopolo ya hore di na le bomodimo.
Batla mantswe o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Se tlole tlhaku. Tsikeletsa lentswe mme o le hlakole lenaneng la a lehlakoreng.
Batla lentswe
Bere ya mane Amerika e tswala ka mora matsatsi a 12 ho ya ho a 13 e nkile poho. Tlou ya Asia yona e emara matsatsi a fetang 600, kapa re ka re dikgwedi tse ka hodimo ho tse 20!
Mane Korea, poshintang ke sejo se pele lenaneng la dijo. Sopho ena ho kgollwa hore e matlafatsa banna thobalanong mme e hlakise lebala basading. Motswako wa bohlokwa wa yona ke nama
ya ntja. [S]
Tlhapi ya mackerel e behela mahe a 500 000 ka nako e le nngwe
Roger Milla
Lebitso la hae la nnete: Albert Roger Miller
Letsatsi la tswalo: Motsheanong 20, 1952
SEBAPADI sena sa Cameroon ke se seng sa dibapadi tse neng di ipabole maemong a matjhaba.
O ne a bapale Mehopeng e meraro ya Lefatshe a ba a fihla dilemong tsa 38, tseo dibapadi tse ngata di finyellang ho tsona di se di behile meja fatshe bolong. Mohopeng wa Lefatshe ka 1990 o ne a hlabele naha ya habo dintlha tse nne tse neng di thuse Cameroon ho fihlela mokgahlelong o eteletseng pele sekamakgaolakgang.
Paul Biya, Mopresidente wa Cameroon, o ne a letsetse Milla a mo kopa hore a se behe meja fatse.
Milla o ne a tswelepele ho ya bapalla Indomitable Lions Mohopeng wa Lefatshe wa 1994. Ka nako eo, o ne a le dilemo di 42, e leng se etsang hore e be sebapadi se seholo ho di feta ho tse kileng tsa bapala Mohopeng wa Lefatshe - le sebapadi se seholo se neng se hlabile dintlha tonamenteng eo!
Ka 2004, o ne a kengwe lenaneng la mekaubere e 125 e neng e kgethwe ke Pelé mme hape o ne a mengwe moketeng wa FIFA.[s]
Marangrang a ditshwantsho
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlamehang ho se ngola masakaneng.
BONA SESOTHO - October 2007
Maruarua a a teba a robale ka tlasa metsi, a nyolohela ka hodima ha feela a hloka ho hema
