sotho.689.career
Ho ba mosebeletsi wa tsa kahisano ha se mosebetsi feela o tlwaelehileng...
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
BOPHELO ba Afrika Borwa kajeno bo na le diphephetso tse kgolo. Batho ba feletswe ke mesebetsi, ho tletse ditlhekefetso ka malapeng, bonokwane, ditlhalano, bofutsana le EITSI - ha re bala tse mmalwa feela tsa mathata ao batho ba phelang hara ona.
Re balehela kae ha mathata a re aparela" Basebeletsi ba tsa kahisano ba na le bokgoni bohle ba ho re thusa ho tobana le diphephetso maphelong a rona ho sa kgathallehe hore ke a mofuta o fe.
Ba na le seabo se seholo sa ho ntlafatsa maemo a bophelo ba dimilione tsa batho.
Pale ya Pearl
Pearl Ramotsamai ke mosebeletsi wa tsa kahisano le moeletsi wa malapa lekaleng la FAMSA (Family and Marriage Society Of South Africa) le Thekong.
"Ho tloha ha ke ne ke hola, ke ne ke bona hore ho na le mathata a mangata a aparetseng setjhaba ka kakaretso mme ka bona ho hlokahala hore ho be le batho ba profeshenale ba ka kgonang ho eletsa malapa ka mekgwa e metle e ka a thusang bakeng sa tswelopele," ho bolela yena.
"Ke phethile degree ya ka ya BA Social Work mane UNISA mme ka 2005 ka qala ho sebetsa ha FAMSA. Karolo e kgolo ya mosebetsi wa ka ke ho eletsa banyalani. Hona jwale re na le leano le ikgethang la baratani ba tshepisaneng lenyalo. Ha ba qeta ditaelo tseo rona le bona re kgona ho bona menyetla ya katleho lenyalong la bona mme re ba thuse hore ba thehe lenyalo le nang le katleho," ho bolela yena.
"Ke boetse hape ke eletsa le ho thusa bao manyalo a bona a sulafalang. Batho ba bang ba hloka ho rutwa ho laola bohale ba bona le bokgoni ba ho rarolla mathata.
"Bokgoni ba ho ruta batswadi ho hodisa bana hantle ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa e le hore ba tle ba tsebe ho buisana le bana ba bona hantle le ho ba kgothaletsa hore ba itshepe ba be le boitshwaro.
Kgatello e kgolo mosebetsing ona hobane o lokela ho dula o le sedi o bile o sa nkwe ke maikutlo haholoholo ha o tobane le maemo a bohlokwa jwalo ka ho hlekefetswa ka thobalano ha bana.
Bongata ba basebeletsi ba tsa kahisano ba tla dumellana le nna hore thabo ya motho ha a se a kgonne ho thusa batho ba neng ba le mathateng e feta kgatello eo a neng a le tlasa yona. Ke kgotsofala moyeng ha motho a mpolella hore dintho di tsamaya hantle ha ke ile ka mo thusa," ho bolela Pearl.
"Ha ke etsa mohlala, haufinyane ke ne ke ena le lelapa le neng le se le batla ho arohana hobane ba sa dule mmoho. Ka ba thusa hore ba itlwaetse ho buisana le ho mamelana ka hloko mmoho le ho thusana ka boikarabelo kgodisong ya bana. Kajeno ba a utlwana ke lelapa le leholo le thabileng."
Mesebetsi e fapaneng
Ho na le makala a fapaneng a mosebetsi ona wa tsa kahisano oo motho a ka kgethang hara ona, o ka sebetsa le motho ka mong, le sehlopha sa batho kapa le setjhaba, ho ya ka tlhokelo. Hape o ka sebetsa le basebetsi ba bang ba profeshenale jwalo ka ditsebi tsa kelello, baoki, matitjhere, babuelli le mapolesa.
Re tla bala dikarolo tse mmalwa feela tsa ona.
lMoo ho balehelang ba tshohile le ba hlekefeditsweng;
lHo tsa kalafo, dipetlele le ho ba makgatheng a lefu;
lBana ba mebileng;
lMaqheku;
lBa holofetseng;
lMakgoba a tahi le dithethefatsi
lHIV le EITSI
Se hlokahalang ho wena
Ho ya ka Ann Petty, titjhere eo hape e leng mohokahanyi wa thupello, UNISA, molemo profesheneng ena o fumanwa ke batho ba tsebang ho:
lBona bokgabane ho ba bang;
lBa le tlhokomelo, ba itshepang, ba amohelang maemo a fapaneng le ba thabelang diphetoho;
lBa thehang dintho tse ntjha;
lBa sebeletsang toka bophelong;
lBa tshepahalang, ba nang le boikarabelo;
lBa nang le mamello, ba tsebang ho sebetsa tlasa kgatello;
lBa thabelang ho rarolla mathata;
lBa tsebang ho buisana le batho.
"Ho atleha feela ba tsebang ho buisana le batho hantle ka hlompho, ba bileng ba kgollwang hore batho ba na le bokgoni ba ho nka diqeto tse nepahetseng bophelong ba bona," ho bolela Ann.
Menyetla ya mosebetsi
Afrika Borwa e fokollwa ke basebetsi ba mofuta ona ke ka hona ho nang le menyetla e meholo ya mosebetsi ona mmusong, mekgatlong e ikemetseng le dikhampaneng tsa poraevete esitana le basebetsi ba ikemetseng.
"Ya sa tswa qeta dithuto tsa hae o lokela ho ikemisetsa ho sebetsa sebakeng se shebaneng le dintho tse fapaneng jwalo ka moo ho thuswang malapa mohlomong dilemo tse pedi pele a ka fetela sebakeng seo a tla shebana le karolo e le nngwe feela," eo ke keletso ya Ann.
Moputso
Ya sa tswa phetha dithuto o qalwa ke R7 500 ka kgwedi e nyolohe ho fihlella ho R15 000 kapa ho feta moo ha a se a le setulong sa bookamedi.
Maemo a thuto
O lokela ho pasa materiki ka 'exemption' hore a tsebe ho ithutela degree. Sekolo ka seng sa thupelo se na le maemo ao se kgethang barutwana ka ona.
O ithutela kae
Lethathama la diyunivesithi tse nang le thupello le a fumaneng ho South African Council For Social Service Professions.
"Mosebetsi ona o o fa monyetla wa ho ba le seabo sa ho etsa diphetoho naheng ya heno," ho bolela Ann. [s]
BONA SESOTHO - October 2006
Etsa phapang setjhabeng
Banyalani ba kgothatswa moyeng ke Pearl.
Mesebetsi e metle
Pearl le mosebetsimmoho le yena Jennifer Molefe.
BONA SESOTHO - October 2006
O KA IKOPANYA LE
'SACSSP (basebeletsi bohle ba tsa kahisano ba lokela ho ngodiswa mokgatlong ona):
Tel: 012-329-9164.
Website: www/sacssp.org.za
Poso: Private Bag X12, Gezina, 0031.
'UNISA: e na le dithuto tsa degree
Mohala: 012-420-6209.
