sotho.688.bec success
BONA SESOTHO - December 2006
Re hodisa
setjhaba
DITHO tsa Iziqhamo Ezihle Corporation ke basadi ba 11 ba mosa, ba dibete ba bileng ba nang le tlhokomelo.
Ba thusa setjhaba sa Amalindi mane East London ka ho roka, ho baka, ho hlwekisa le ho pheha. Ba ne ba fihlelwe ke mohopolo wa hore ba kopane jwalo ka basadi ba neng ba sa sebetse hore ba tle ba kgone ho thusa setjhaba sa habo bona.
Ba kgona ho rekisa mesebetsi eo ba e entseng e kang ho roka mese ya manyalo, ho loha, ho etsa masela a ho kwahela disoufa esitana le ditafole.
Hape ba na le leano la ho thusa batjha dithutong tsa bona. Se makatsang haholo ka basadi bana ke hore ba sebedisa disebediswa tseo e leng tsa bona. Ba sebetsa ka thata hore ka le leng ba tle ba kgone ho reka disebediswa tse kang setofo, ditulo, ditente, dijana le tse ding tseo ba ka qalang kgwebo ya ho pheha ka tsona.
Iziqhamo Ezinhle Corporation e na le molaotheo wa yona mme e ingodisitse semmuso. Ha o hloka tshebeletso ya bona o ka ba letsetsa ho 073-229-5945.
Basadi bana hape ba na le jarete ya meroho eo ka yona ba fepang setjhaba. Maikemisetso a maholo a bona ke hore ka le leng ba fepe metsana ya boahelano e futsanehileng.
Ditho tse ding tsa mokgatlo ona di ne di tshoswe ke mosebetsi o makatsang wa ditho tsena tsa Iziqhamo Ezihle Corporation!
Ditho tsa Boto ya Bohahlaudi ya Kapa Botjhabela di ne ba buisana le hona ja lekomo moo mmokeng.
Elizabeth Nokulunga Swapi le Vicky Kubeka ba bua ka resepe ho Bake for Profit workshop.
Iqalle kgwebo ya hao ya ho rekisa dikobo
DITHO TSA BONA Empowerment Club ke ba bang ba Maafrika Borwa a lehlohonolo a ka kgonang ho iqalla dikgwebo hang hang, re leboha monyetla wa kgwebo ya ha Aranda Blankets.
O ka reka dikobo tsa ha Aranda ka nyehlisetso mme wa ithekisetsa tsona ka phaello. Seo o se hlokang ke:
1. Ho ya dibokeng kapa ho di-workshop tsa BONA Empowerment Club.
2. Ho fumana ditaelo tsa ho qala kgwebo mmoho le diforomo tsa teng sephuthelwaneng se tla fumaneha dibokeng tsohle isao.
3. Qala o ikopanye le batho o bone bao o ka ba rekisetsang jwalo ka ho rekisetsa batho ka bonngwe, dipaza shop kapa tsona dikolo.
Haeba o sa kgone ho ya dibokeng, o ka letsetsa Wellington Tshomela ho 011-883-8829 ka dihora tsa mosebetsi mme o mo kope ho o romella dintlha tseo ka fekese.
Dula o bala BONA bakeng sa ho ipeha sehlohlolong ka menyetla ya kgwebo ho ba ha Aranda le BONA Empowerment Club dibokeng tsa bona tsa isao.
HAEBA O na le kgwebo e nyane, o ka kenela tlhodisano ya MAGEU NUMBER 1 SMALL BUSINESS AWARDS kajeno.
Ho na le meputso ya tjhelete e finyellang ho R50 000 e ka hatjwang.
Dikgau tsena di reretswe babadi ba BONA bao e leng ditho tsa Empowerment Club. Ditlankana tsa ho kenela di ka romelwa ho: MAGEU NUMBER 1 SMALL BUSINESS AWARDS, BOX 3858, RIVONIA, 2128.
Bahlodi ba kgwedi le kgwedi ba tla phatlalatswa ho BONA mmoho le ho Website.[s]
