sotho.1228.yrstyle_pond's
THEHA
LERATO
BOPHELONG BA HAO!
SE FETWE ke boithabiso, moo re tla beng re ikgabisa teng. BONA le Pond's di o neha monyetla o motle bophelong ba hao! Bohle re batla ho shebahala hantle re be motlotlo ka seo re leng sona, empa ka nako e nngwe motho ha o tsebe hore o ka qala kae. O tla bontshwa bohlokwa ba tjhebeho ya hao le boitshepo mmoho le ho theha dikamano tsa nnete tsa lerato.
Mona o tla bontshwa ka mekgwa e fapaneng ya tlhokomelo ya motheo ya letlalo le diaparo tse setaeleng tse ka o ntjhafatsang mme hape ho tla ba le setsebi se tla eletsa basadi ka mekgwa ya ho tsetsisa maphelo a bona.
Dibui tsa letsatsi: Sbu Mpungose, mohlophisi wa BONA, ya hapileng le dikgau, o sebetsa ka tsa feshene letsatsi le letsatsi, o tla re hlokomedisa ka moo re ka bokeletsang diaparo tsa rona ka teng.
Ali Murray, setsebi sa dikamano, o tla eletsa basadi ka moo ba ka tiisang dikamano tsa lerato ka teng. Ditsebi tsa botle tsa ha Pond's di tla etsa dipontsho ka dietswa tsa tsona mme re fumane le monyetla wa ho di leka.
Tsa workshop:
Sebaka: Southern Sun Grayston, Sandton, Johannesburg
Letsatsi: Moqebelo, 28 Pudungwana, 2009
Nako: Ho ngodiswa ho tloha ka 8am (Mokete o qala ka 9am)
Ho kena: R150 motho (Ho kenyeletswa le dino, dijo le dimpho ha ho kenwa.)
Ho beheletsa sebaka/Ho lefa:
Letsetsa Annah ho 086-010-5954
(Mantaha-Labone: 9am-4pm;
Labohlano: 9am-1pm). Boloka reference number hobane e tla hlokahala monyako. Ke maswabi, bana ha ba a dumellwa. Ditefello tsohle di lokela ho etswa pele ho matsatsi a supileng. Ha ho tjhelete e tla kgutliswa. [s]
WORKSHOP YA BONA
Sbu Mpungose
Ali Murray
