sotho.685.legal aid
Legal Aid Board ya Afrika Borwa, ke mokgatlo wa tsa molao o ikemetseng o thehilweng ho latela molao wa Legal Aid Act (Act 22 of 1969) le wa Legal Aid Amendment Act (Act 20 of 1996). Maikemisetso a ona ke ho thusa hore batho ba kojwana di mahetleng ba fumane kemedi ho tsa molao jwalo ka ha Molaotheo (Act 108 of 1996), o bolela hore motho o na le tokelo ya ho ba le moemedi ho tsa toka.
RE IKEMISEDITSE KA ENG"
Sohle seo re se etsang, re se etsa re ipapisitse le Molaotheo wa naha. Legal Aid Board ke karolo ya Molaotheo wa Afrika Borwa e leng ona o netefatsang botsitso demokrasing ya setjhaba le ho netefatsa hore molao o a sireletswa le hona ho sebediswa ka nepo.
HO THUSAHALA MANG"
Hore o thusahale, ho lekolwa tse latelang:
- Ho bapiswa moputso wa hao le maemo a lelapa la hao.
- Thepa o nang le yona e ka rekiswang bakeng sa tjhelete ya maqwetha.
Legal Aid Board e laetswe ho emela:
Bana; Basadi; Ba se nang mobu - ba ntshitsweng metseng ya bona le basebetsi ba dipolasing; Sehlopha sa batho - ha nyewe e le nngwe e ka thusa ba bangata; Baqosuwa makgotleng a dinyewe ba ke keng ba kgona ho ipatlela maqwetha a bona; Batshwaruwa - batho ba kwaletsweng tjhankaneng ho fihlela dinyewe tsa bona di mamelwa kapa ba seng ba ahlotswe ba ratang ho ipiletsa.
RE SEBETSA JWANG"
Maikemisetso a rona ke ho fana ka tshebeletso ya maemo e kenyeletsang:
- Ho thusa bafutsana le ba hlokang thuso ya tsa molao.
- Ho hlahisa bokgoni le boiphihlelo bo boholo tshebeletsong ya tsa molao.
- Ho ba le tjhebelo pele ditlhokong tsa ditshebeletso tsa molao baneng, le ho
- Eketsa tshehetso ya tsa molao nyeweng tse pakeng tsa baahi le ho theha mokgwa o ikgethang wa ho fana ka tshebeletso ena.
KE TOKELO YA HAO HORE RE O THUSE
Ka ho ya ka Molaotheo, motho ohle o na le tokelo jwalo ka tokelo ya ho se kgenthollwe le ho phela. Legal Aid Board e thehetswe ho phethisa ditokelo tsena. Legal Aid Board e fana ka tshehetso ya tsa molao ha o se na tjhelete ya maqwetha.
Mosebetsi wa rona o moholo ke ho netefatsa hore nyewe e hloka leeme.
Haeba o tshwerwe, o qositswe kapa o kwaletswe, o na le tokelo ya ho itholela.
O ke se qobellwe ho bua letho hobane seo se ka sebediswa jwalo ka bopaki kgahlano le wena lekgotleng.
O tlameha ho hlahella lekgotleng ka pele ka moo ho ka kgonehang ka mora ho tshwarwa ha hao, empa e seng ka mora dihora tse 48 kapa pele lekgotla le kwala letsatsing le latelang leo o tshwerweng ka lona.
Lekgetlong la pele o hlahella lekgotleng, o tlameha ho tsebiswa hore o tshwaretsweng kapa o qosetswang.
LE BANA BA NA LE DITOKELO
Legal Aid Board e tlameha ho kenella ha ditokelo tsa bana di sa hlontjhwe. Bana ba na le ditokelo tse ikgethang. Ngwana e mong le e mong ya dilemo di ka tlase ho tse 18 o na le tokelo ya ho:
- Ba le lebitso le boahi;
- Fumana tlhokomelo ya batswadi, lelapa kapa ona mmuso haeba a se na batswadi kapa lelapa;
- Dijo, ntlo, tshebeletso ya tsa bophelo bo botle, thuto le tsa ntshetsopele ya setjhaba; - Sireletswa kgahlano le tshwaro e mpe kapa yona tlhekefetso;
- Sireletswa kgahlano le ho sebediswa mosebetsi oo e seng wa bana;
- Tokelo ya ho se kwallwe tjhankaneng, ntle le haeba ho se e nngwe tsela kapa a kwaletswe le bana ba bang;
- Fumana leqwetha le tla mo emela boitsekong ba tokelo tsa hae lekgotleng la dinyewe tse kang pei ya bana, tshireletso, thuto, tlhokomele kapa leha e le tokelo e fe feela.
TOKELO TSA BASADI
Batho ba sa kgoneng ho itshireletsa ba kang bana le basadi ke bona ba behilweng pele mokgatlong ona. Ka bobedi banna le basadi ba ka ba molato kapa e be mahlatsipa a merusu ya ka lapeng, empa ho atiswa ho hlokomelwa basadi haholo. Ka lebaka la tlhokomelo e ikgethang eo e nang le yona, Legal Aid Board, e beha basadi sehlopheng sa ba sa kgoneng ho itshireletsa.
DINTLHA TSA RONA: Legal Aid Board: 08610 Legal (53425)
Mohala: 0800 20 44 73 | Lekola www.legal-aid.co.za
TJHEBELOPELE YA RONA: "Ho ba le Afrika Borwa e hlomphang, e tshehetsang, e sireletsang, le hona ho phethisa se hlokwang ke toka ho ya ka Molaotheo."
Legal Aid Board
Tlaleho ho Maafrika Borwa ka 2008
B4316_12_08
DINTLHA TSA RONA: Legal Aid Board: 08610 Legal (53425)
Mohala: 0800 20 44 73 | Lekola www.legal-aid.co.za
BOKGONI BA RONA: Tshebeletso e ntle ya maemo Ho hlompha seriti sa botho
Boikemisetso le boinehelo Bokgabane le katleho Tshehetso
Boikarabelo Bokgabane
MAIKEMISETSO A RONA: "Ho tswa pele ka tshebeletso ya tsa molao, ho netefatsa hore bafutsana le ba hlokang tshireletso ba fumana toka e hlokang leeme."
DIKANTORO TSA LEGAL AID BOARD
LEBATOWENG LA GAUTENG/LIMPOPO,
GAUTENG
Alexandra (011) 786 3603; Benoni (011) 845 4311; Germiston (011) 842 7300; Johannesburg (011) 870 1480; Krugersdorp (011) 660 2335; Pretoria (012) 401 9200; Soweto (011) 988 9011; Tembisa (011) 440 1265; Vereeniging (016) 421 3527.
LIMPOPO
Makhado (015) 519 1100; Modimolle (014) 717 4977; Polokwane (015) 291 2429;
Thohoyandou (015) 962 6206;
Tzaneen (015) 307 3129.
Gauteng/Limpopo Regional Office:
(012) 664 2921.
LEBATOWENG LA KAPA BOTJHABELA:
KAPA BOTJHABELA
Aliwal North (051) 633 2530; Butterworth (047) 401 3800; East London (043) 704 4700; Graaff-Reinet (049) 807 2500; Grahamstown (046) 622 9350; King Williams Town (043) 604 6600; Mthatha (047) 501 4600; Port Elizabeth (041) 408 2800; Queenstown (045) 807 3500; Uitenhage (041) 991 1811.
Eastern Cape Regional Office:
(041) 373 8296.
KAPA BOPHIRIMA/KAPA LEBOYA:
KAPA BOPHIRIMA
Athlone (021) 697 5252; Cape Town (021) 426 4126; George (044) 802 8600; Caledon (028) 212 1815; Stellenbosch (021) 882 9221; Vredendal (027) 201 1030;
Worcester (023) 348 4040.
KAPA LEBOYA
Colesburg (051) 753 2280/3; Kimberley (053) 832 2348; Upington (054) 337 9200.
Western Cape/Northern Cape Regional Office: (021) 886 8653/4/5/6.
FOREISITATA/LEBOYA BOPHIRIMA:
FOREISITATA
Bloemfontein (015) 447 9915; Maokeng (056) 216 4800; Phuthadithjaba (058) 713 4953; Welkom (057) 357 2847.
LEBOYA BOPHIRIMA
Lichtenburg (018) 632 7600; Mafikeng (018) 384 3503; Potchefstroom (018) 293 0045; Vryburg (053) 927 0095; Ga-Rankuwa (012) 700 1416; Rustenburg (014) 565 5704.
Foreisitata/Leboya Bophirima Regional Office:
(051) 447 3636.
KWAZULU-NATAL/MPUMALANGA REGION:
KWAZULU-NATAL
Thekong (031) 304 0100; Empangeni (035) 792 4949; Ladysmith (036) 638 2500; Newcastle (034) 328 7100; Pietermaritzburg (033) 394 2190; Pinetown (031) 719 2700; Port Shepstone (039) 688 9600; Umlazi (031) 918 8100; Verulam (032) 533 2654; Vryheid (034) 989 8300.
MPUMALANGA
Ermelo (017) 819 7291; Middleburg (013) 243 5964; Nelspruit (013) 753 2154; Witbank (013) 656 5290.
KwaZulu Natal/Mpumalanga Regional Office: (031) 717 8450.[s]
