sotho.684.careers
Mesebetsi e metle
Personal
Assistant
A FETILE matsatsi ao ka ona mongodi a neng a etsa mesebetsinyana e bobebe e kang ho etsa kofi le hona ho ngolla motshwari wa hae mangolo. Bangodi ba pele (Personal Assistant) ba mehleng ya kajeno ke ba maemo a hodimo ke bona bao e leng bathusi ba batshwari ba bona mme le bona ke karolo ya moifo wa taolo.
Leha ho ntse ho le teng ba ntseng ba etsa mosebetsi wa ho etsa kofi, empa bangodi bana ba na le batho ba ba etsetsang kofi!
Mesebetsi ya di-PA e a fapana ka ho ya ka boiphihlelo ba bona esitana le khampane eo ba e sebeletsang. Mesebetsi ena e kenyeletsa ho hlophisa dikopano ho kenyeletsa le tsa thupello, ho nka metsotso dikopanong, ho ngola mangolo, ho buisana le bareki esitana le ho nka karolo diqetong tse nkuwang ke moifo wa taolo.
Re ka etsa mohlala ka Ntokozo Ngcobo - ke setho se molemo haholo sa khampane ya hae. Ke motho wa profeshenale ya bohehang hantle diaparong tsa hae tsa mosebetsi, mme ha ho makatse ho fumana hore o mong wa mesebetsi ya hae ke ho ba sebontshi.
CV ya Ntokozo e a kgahla... Lerato la hae la ho tlanya le ne le mo hapele kgau nakong eo a neng a etsa materiki. O ne a etse dithuto tsa bongodi, tsa latelwa ke diploma ya botitjhere a kgethile dithuto tsa ho tlanya le Senyesemane a qetella ka diploma ho Microsoft Office. Mosadi enwa o hlile o tseba ditaba tsa hae!
Ka mora ho sebetsa dibakeng tse mmalwa, Ntokozo o ne a kenye kopo ya sekgeo sa PA ho Todani Moyo, molaodi kakaretso wa Msinsi Resorts And Game Reserves. "Ke ne ke hlile ke rata ho sebetsa ho tsa tlhaho le bohahlaudi," ke yena eo.
Ntle le ho okamela kantoro ya motshwari wa hae, Ntokozo hape ke mongodi wa komiti esitana le moifo wa balaodi (board of directors). O etsa mesebetsi e mengata jwalo ka ho hlophisa diboka, dikopano esitana le ho okamela basebeletsi ba taolo, a tshware dikopano tsa thupello esitana le ho ya dikopanong le molaodi kakaretso. Mosebetsi wa hae wa kamehla o kenyeletsa ho shebana le hore dintho di tsamaya hantle, ho hlophisa lenaneo la mosebetsi, maeto, ho tshwara mehala le ho amohela baeti esitana le ho hlophisa ditlaleho tsa batshwari.
"Mosebetsi wa ka o monate hobane ke kgona ho kena dipuisanong tse pele moo ke kgonang le ho fumana dintlha ka khampane esitana le indasteri ka kakaretso," ho rialo yena.
"Ke ithutile letho - athe ke ntse ke ithuta le kajeno mosebetsing ona! Ke fumana le monyetla wa ho etela dibakeng tse ntle naheng ena jwalo ka ha dikopano tse ngata tsa moifo di tshwarelwa dirapeng tsa diphoofolo."
Dintho tse ka reng tsena di etsa PA e dule e le maemong ka bophihlelo jwalo ka ha a ya dibokeng le dithupellong kgafetsa. Ntokozo hape ke setho sa Office Professionals' Society Of South Africa. "OPSA e nthusitse hore ke itshepe esitana ho ba sehlohlolong sa ditaba ka tsa tegniki ya matsatsing a kajeno," ho bolela yena. "Maikutlo a ka ke a hore bangodi le di-PA tsohle di tlameha ho ba ditho tsa mokgatlo ona.
"Mosebetsi wa PA o bohlokwa haholo. Molaodi e mong le e mong o tlameha ho itshepa hore leha a le siyo kantorong, empa dintho tsohle di tla tsamaya ka theko.
"Toro ya ka ke hore ka le leng ke be le khampane eo e leng ya ka ya marketing le PR. Ka boiphihlelo boo ke bo fihletseng ka ho ba PA, ke bona hore nka kgona ho etsa letho! Ke bona menyetla e le mengata e ka nkuwang ke basadi mona Afrika Borwa."
O tlameha ho ba motho ya jwang
n O be le bokgoni, o tsebe ho sebetsa ntle le tataiso.
n O tsebe ho sebedisa puo.
n O tsebe ho sebedisa khomputara - o be sehlohlolong ka tsa tegniki. (Ho bohlokwa.)
n O tshepahale, o be le sefuba.
n O kgone ho sebetsa tlasa kgatello.
n O apare ka bokgabane, o itshepe o tseba ho bua le batho ba meamo ohle.
Maemo a thuto
Dikolo tse ngata di hloka materiki haholo le dithuto tsa kang accounting, typing le business economics.
Ho na le dikolo tse ngata tse tshepisang ho fana ka dithuto tse potlakang ka ditjeho tse tlase. O tlameha ho ba sedi jwalo ka ha ho se mokgatlo o shebaneng le dithuto tsena tsa bongodi le PA.
Se tlwaelehileng ke hore dithuto tsa nako e telele ke tsona tse nepahetseng. Kgetha sekolong se fanang ka thupello e maemong.
Di-technikon tse ngata di fana ka diploma ya dilemo tse tharo ya dithuto tsa taolo ya kantoro. Ikopanye le se haufi bakeng sa seo ba se hlokang bakeng sa ho o amohela.
Ho na le tse ding dikholetjhe tse fanang ka dithuto ka nako e kgutshwane. Hara tsona re ka bala Damelin, Intec, Varsity College le Boston Business College.
Menyetla ya mosebetsi
Re ka re indasteri e nngwe le e nngwe e a mo hloka mongodi ya sebetsang mesebetsi e kang ho tshwara mehala le ho amohela baeti ho ya ho PA e hlophisang dikopano tsa matjhaba.
Dikhampane tse ngata ha di kgone ho sebetsa hantle ntle le PA. PA e maemong a tlase e ka phakisa ho nyolohela maemong a hodimo ha e atisa ho ya dibokeng kgafetsa.
Moputso
Mongodi kapa PA e maemong a tlase e ka qala moputsong wa R2 500 ka kgwedi ho ya fihlela ho R18 000 ho PA e seng e na le boiphihlelo. [s]
BONA SESOTHO - July 2006
KA HODIMO: Ntokozo le mohiri wa hae, Todani Moyo, kantorong.
Ke mang ya bolokang dintho di tsamaya ka theko" Ha se motshwari, empa ke PA...
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Dintlha tse ding
Mokgatlo o bitswang Association For Office Professionals (OPSA) ke o sa etseng phaello. Mohala: 012-996-0583; email: info@thepsa.co.za;
Website: www.thepsa.co.za.
Institute for Certified Administrative Professionals (ICAP) e lekola maemo a basebeletsi ba dikantoro maemong a matjhaba. Mona Afrika Borwa nomoro ya bona e re: 011-615-2868;
email: certification@capinstitute.co.za;
Website:
www.competencyservices.co.za
KA HODIMO: Ntokozo kantorong ya hae, o malala-a-laotswe ho qala mosebetsi wa letsatsi.
HO LE LETSHEHADI: Ntokozo o nka metsotso kopanong.
BONA SESOTHO - July 2006
