sotho.676.editorial
Sharon o ntse a tjhesa mminong!
OHAHLAUTSE lefatshe ho pota- tshusumetso ya seo e utlwahala albamong ya hae e ntjha. Ho tsena tsohle, se bileng bohlokwa haholo ho Sharon Dee, ke ho kgutlela ha hae lapeng.
Ke ka hona le albamo ya hae e ntjha a e bitsang Ekhaya moo pina e reheletsweng ka yona e nang le mantswe a reng: "Ekhaya lapho ngithola uthando/Ekhaya mina ngibuyela khona/Sengibuyel' ekhaya..."
Sharon re buile le yena a le lapeng habo mona Thekong lekeisheneng la Umlazi, haufi le dikantoro tsa ha BONA.
"Ke ntse ke dula motseng oo ke neng ke dula ho ona mane Jozi pele le tshelela mose. Ha ke utlwa Jozi e hlile e mpakela motjheso, ke tla lapeng Thekong ke tlo iphomolela," ke yena eo ka pososelo.
O pakelwa ke lerata la bana, la ditekesi le dikgoho hore Sharon o kgutletse lapeng moo a holetseng teng metswalle e mmitsa Hlengiwe Dlamini. Ka lebaka la neo ya hae e babatsehang, o ne a hape Shell Road To Fame a le dilemo di 15 feela - mme o ne a lebe Jozi ho ya ntlafatsa neo eo
ya hae.
Metswalle le balatedi ba hae ba ne ba sa kgolwe hore o tla kgutla ho fihlela a ntsha albamo ena e ntjha.
Ka 2004, ha ba ne ba tla Afrika Borwa le monnahae eo e leng sebapadi sa bolo, Peter Ndlovu, ba ne ba tle le mora bona Benjamin eo jwale a leng dilemo di robong. Ba se ba na le e mong ngwana jwale, Taye.
Jwalo ka ha Taye a se a le dilemo di tharo, Sharon o bona a se a ka kgutlela mminong ka sekgahla se tshwanang le sa dilemong tsa bo 1990 nakong eo a neng a tumme ka pina e neng e ratwa hohle, Local Is Lekker. Ka 1997, Sharon o ne a lebe UK le Peter a ilo bapala ho The Lion King mme ho kgutleng ha hae, o ne a sebetse le Joyous Celebration.
Leha a ne a sa rate ho bina kalaneng, empa ho bina ha hae melodi ya Seafrika le sehlopha sa jazz, ho ne ho mo tswele molemo, jwalo ka ha ho bile le kgahlamelo albamong ya hae e ntjha. O bolela ha a tlile lapeng ka nako e nepahetseng ho tla bona katleho ya dibini tse kang Thandiswa Mazwai, Simphiwe Dana, Zamajobe le Siphokazi.
"Leha ho le monate ho kgutlela lapeng, empa ho bohloko jwalo ka ha ke se ke lahlehetswe ke metswalle e kang Brenda Fassie, Wendy Mseleku le Lebo Mathosa," ke yena eo. Ho na le pina e reng Uzungikhumbule eo ka yona a ba hlomphang kaofela.
E nngwe ya dipina tsa bohlokwa ho Sharon, ke Malume.
"Motswalle e mong wa ka o ne a hlekefetswa ke molekane wa hae empa a sa bue ka hona - o ne a kwahela mabadi ka mekgabiso ya sefahleho," ho hlalosa yena.
"Batho ba ne ba re, 'Ha ho bohehe ha a kentse mekgabiso...' Ke rata ho kgothatsa basadi ba bang ba kang yena hore ba itshireletse." [s]
BONA SESOTHO October 2008
DINALEDI
Sharon Dee o sa tswa ntsha albamo ya hae e ntjha, mona o qoqa le rona ka tsa kgale le tse ntjha ka yena mminong... Pale ka Patricia McCracken
Leha ba se ba le siyo, empa ba ntse ba hopoleha - Sharon Dee o hlompha metswalle ya hae e seng e le siyo ka pina ena e reng, Ekhaya.
