sotho.675.pastor
BONA SESOTHO - December 2007
MORUTI Vusi Dube o a tsebisahala ka dipuo tsa hae tse kgothatsang ho uKhozi FM le dikoranteng. Ba bang ba mo tsebella ho a mang a maano a hae a Selemo a ho Kgothalletsa batjha ho se etse Thobalano pele ho Lenyalo, ao hape a rutang le setjhaba ka HIV le EITSI ho ona.
O re: "e ne e le mohlankana feela jwalo ka ba bang a sa tsebe le hore o na le pitso ya ho hasa Lentswe. Kajeno, o kgothatsa ba bangata hore ba se lahle tshepo leha ba kenwe ke kokwanahloko ya EITSI.
Vusi o hlahetse Pietermaritzburg, o hotse a dumela hore batho ba lokela ho nehwa menyetla e lekanang bophelong.
"Ke letsibulo lapeng la bana ba bane. Ke holetse lapeng le tumelo e tiileng," ho bolela yena. "Ntho e kgolo eo ke neng ke e rutwe heso, ke hore ke se lahle tshepo. Leha re hotse ka thata empa re ne re ena le tshepo. Ke sona seo ke phetseng ka sona bophelo bohle ba ka."
Moruti Dube o dumela hore ha motho a ena le tshepo a ka fihlela sohle seo a se labalabelang. "Batho ba bangata ba tshaba ho qala dintho tse ntjha hobane ba nahana hore ba tla hloleha," o boletse jwalo a tsheha.
Moruti le mohatsae Taki, eo e leng ngaka ya profeshenale, ha ba thehile leano ba le emela ka maoto hantle jwalo ka tliliniki ena ya Centre Of Hope eo ba e thehile ka 2001.
O ne a kopane le Taki ka 1996, kajeno ba na le baradi ba babedi, Tehilah (8) le Ruth (5). "Batho ba tlang tliliniking ya rona ke ba labalabelang tshepo ya bophelo e seng nyefolo," ho bolela moruti Dube. "Ba tseba hantle hore kokwanahloko ya HIV, ha e phekolehe, seo ba se hlokang feela ke lerato le tshehetso."
Ha ho makatse ha diketekete tsa batjha di subuhlellana kerekeng ya hae.
Diphephetso
Moruti Dube ke titjhere e rupelletsweng, mme haesale a rata ho sebetsa le setjhaba, o ne a qale Care Centre e Pietermaritzburg, eo e leng ya mokgatlo o seng tlasa mmuso, e ntshetsang pele meetlo le bonono. A qala ho kena kerekeng ya Durban Christian Centre ka 1998 mo a ileng a ithutela boruti teng.
"Ka qala ho shebisisa ka moo nka etsang phapang ka teng. Sekolong sa boruti ke ne ke qale leano la ho fepa batho ka kgopolo ya ho fokotsa bonokwane le ho kgothatsa setjhaba. Ke mona moo tlhokelo ya ho theha leano la ho thusa ba anngweng ke EITSI e hlahileng teng."
Moruti a hlokomela hore batho ba ba le tshepo ha ba le hara ba bang ba ba amohelang mme a siya DCC ka 2004 a ithehela kereke ya hae.
"Kereke ya rona ke ya setjhaba ke ka hona ke neng ke bone tlhokelo ya Tliliniki ya Centre Of Hope," ho bolela yena. Maikemisetso ke ho ntshetsapele setjhaba le ho se tsebisa ka diketsahalo tse ntjha ka HIV hore ba kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng ka bophelo ba bona le ba baratuwa ba bona. Hape ba kgothalletsa tlhokomelo ya ba kulang le ho thibela ho jaleha ha HIV.
Motsamao
Hona ho entse hore a boele a thehe leano la Selemo la ho Kgothalletsa batjha ho itshwara hore ba se potlakele ho kena Thobalanong pele ho lenyalo.
Ditho tse 30 tsa kereke di kena leetong la bolelele ba 250km di hahlaula hara metse le metsana, di tsamaya ba emisa mabaleng a tsa dipapadi ho buisane le setjhaba se ballwang ka hodimo ho 20 000. Ba kgothalletsa boitshwaro thobalanong pele ho lenyalo, ho se sebedise dithethefatsi le ho se nwe jwala esitana le ho etsa diteko tsa HIV.
"Leeto le latelang le tla ba ka Hlakubele 2008 le tloha Empangeni ho ya Pongola moo re ikemiseditseng ho tsamaya dikilomitara tse 30 - 35 ka letsatsi," ho bolela moruti.
"Ha re bue ka lefu la EITSI feela, re bua le ka bonokwane le dithethefatsi. Hape re etela dikolong tsa thuto e phahameng beke le beke, re ye le ditjhankaneng, re jala molaetsa wa tshepo.
"Ke a kgothala ha ke bona motshwaruwa ya neng a lahlile tshepo, a se a kgothetse mme a rupellwa ho ba moetapele wa karolo eo a dulang ho yona moo tjhankaneng le ha ka nako e nngwe re thusitse motho ya neng a se a nahana le ho ipolaya.
"Ho a kgothatsa leha ke bona batho bao pele ba neng ba iphedisa ka bohlola ba se ba kgutletse kerekeng, ba lahlile tseo tsohle," ho bolela moruti Dube. [s]
'Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka Tliliniki ena ya Centre Of Hope, o ka letsetsa mohala ho: 031-304-3734.
Seo o se hlokang feela ke tshepo
Tshepo ke yona lefika
la nnete
pale le ditshwantsho ka THANDI ZULU
Ka moo Moruti Dube a jalang ka teng molaetsa wa tshepo le tshehetso setjhabeng...
KA THOKO HO LE LETSHEHADI le KA THOKO HO LE LETONA: Vusi le mohatsae, Taki, ba ithabisa le baradi ba bona ba babedi, Ruth le Tehilah.
LE LETONA: Moruti Vusi Dube le mohatsae, Taki, ba dutse ba qakehile ke maano a matjha a setjhaba.
BONA SESOTHO - December 2007
