sotho.674.yourcelebs_10ques_2
DIPOTSO TSA
Teko Modise
1. Ha o se ka lebaleng, ke dife diaparo tseo o di ratang le mebala"
Ke rata mmala o bolou, ke rata ho tena di-denim le dikipa, ke rwale diteki, ke ikgabise ka tse bitsang jwalo ka diborele le tshupanako.
2. O na le moratuwa"
Nke ke ka o bolella lebitso empa o teng, o motle o bile o lerato.
3. Ke efe koloi ya hao ya ditoro"
Ke Lamborghini e tshehla.
4. Na tumelo ke ya bohlokwa ho wena"
E seng hakaalo empa ke modumedi. Ke rapella hore re hlole hoseng ha ke tsoha, empa e seng hakaalo bakeng sa ba lelapa leso, kapa bakeng sa katleho le mahlohonolo.
5. Ke lefe lenaneo la TV leo o le ratang"
Live ho SABC1, hobane ke rata mmino. O utlwa tsohle ka diketsahalo tsa mmino wa naheng ena, le di-videos tse ntjha le feshene.
6. O ratang hape ha o rateng ka wena"
Ke rata boikokobetso ba ka. Ke mosa leha ka nako e nngwe o ntena hobane ba bang ba nahana hore ke sethoto mme ha ba lebohe seo ke ba etsetsang sona.
7. O kgahlwa keng"
Ke mosadi ya motle! O lokela ho ba mosweu, a shahle mmeleng, a se be mosesane haholo - a be lerato le tlhokomelo.
8. Ha o ne o se sebapadi, o ne o tla thabela ho etsa mosebetsi ofe le hona hobaneng"
Seakanyi sa feshene sa diaparo tsa basadi, hobane ke ne ke tla hlahisa maikutlo a ka hantle ka moo ke ratang.
9. Ke sefe se o batlang ho se etsa pele o eshwa"
Ho theha khampane e kgolo - mohlomong ya dipapatso kapa ya tsa ditaba. Ke hlole ke fotile dipapatsong mme ke bone ka moo ho leng monate ka teng.
10. Ba re "Once a Pirate, always a Pirate" - ke lona lebaka le etsang hore ebe o ntse o bapala SA"
Tjhe. Nka thabela ho bapalla dihlopha tsa mose jwalo ka sa Barcelona. Ke mpa ke so fumane monyetla o motle.[s]
E bokeleditswe ke: Patricia McCracken
RE BUA LE NALEDI
NALEDI YA PIRATES LE BAFANA E BOLELA MABAKA A NENG A KA ETSA EBE SEAKANYI SA DIAPARO TSA BASADI BAKENG SA HO KGANNA KOLOI YA LAMBORGHINI LE HO PHETHA DITORO TSE DING TSA HAE
