sotho.671.blockpuzzle march
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - February 2006
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebapadi sa bolo sa Afrika Borwa dikgeong tse fiifaditsweng.
No 52
Dinyanyatsi tse bitsang
IKUTLWE o kgethehile ka Valentine's Day ya selemong sena! Ba ha Glamour & Glitz ba motlotlo ho phatlalatsa ho fihla ha dinyanyatsi tse ntjha 'Rasasi' tse tswang dinaheng tsa kantle.
Blue Lady ke ya mafumahadi feela mme ka monko wa dipalesa e netefatsa ho boloka mafumahadi a le foreshe letsatsi lohle. Blue For Men ke e ruileng ka monko o pele wa citrus, mint le wa dipalesa.
BONA e fana ka dinyanyatsi tse hlano tsa mofuta wa Blue Lady le tse hlano tsa For Men eo ka nngwe e bitsang R300, ho babadi ba lehlohonolo ba Block Puzzle kgweding ena.
Ho hapa
Tlatsa dikgeo ho ka fumana lebitso le patilweng dikgeong tse fiifaditsweng. Ngola karabo, lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare posekareteng o romele ho: BONA/Blue Lady/Blue For Men Blockpuzzle No 52, Box 32067, Mobeni, 4060. (Ka kopo hlakisa hore o batla Blue Lady kapa Blue For Men.)
O ka kenela le ka selefounu ya hao. Tlanya BONA, o tlanye BLOCK, tlanya karabo e dikgeong tse fiifaditsweng, o romele ho 34110. Kenela ka moo o ratang. SMS ka nngwe e bitsa R2. [s]
Hapa!
Letsatsi la ho kwala: 28 Hlakola 2006
R3 000
Ke thabo le lerato...empa ke tsena ditsela tsa ka moo o ka netefatsang hore thabo ena e se senyehe
LETSATSI LA Valentine le fihlile mme ke nako ya hore o letsetse moratuwa wa hao lehlaso le monate la molaetsa wa SMS e tla thabisa pelo ya hae. Ha o bua le moratuwa wa hao, ha o tsotelle hore na o senyehetswe ke bokae, empa ka mora nako sekoloto le phaello ya sona di tla be di o emetse. Sekoloto se tla nne se hole ho fihlela o se o sa kgone ho se lefa.
Le haeba o sebedisa karete ya bankeng kapa ya mokitlane, ha o no tseba ho laola sekoloto seo, qetellong o tla ahlolelwa sona - o qetelle o romelletswe manqosa ana a bokellang dikoloto!
Se hlokahalang ke leqheka leo o ka hapang pelo ya moratuwa wa hao ka lona. Hape o tlameha ho netefatsa hore nako eo ha e o fumane o se na tjhelete. Bonneteng ba taba o rata ho ba le nyakallo e sa feleng, ha ho jwalo"
n Nka pampiri o ngole fatshe moputso wa hao.
n Tlosa mekitlane eo o e lefellang kgwedi le kgwedi jwalo ka rente, dipalangwang, dijo, diaparo le dintho tsa ho hlapa.
n Beha dipersente tse 5-10 bakeng sa dintho tsa tshohanyetso.
n Jwale o ka bona hore na e setseng o e arola ka mokgwa o fe bakeng sa boithabiso, feshene esitana le dimpho.
Jwale, o malala-a-laotswe ho ya reka ka tjhelete letsohong ka letswalo le thotseng ha PEP. O tla ikutlwa o lokolohile mme e tla ba qaleho ya lerato le sa feleng! [s]
Ya papatso
