sotho.663.slaves
Masisapelo a Afrika
pale ka MICHELLE FAUL ditshwantsho ka ASSOCIATED PRESS
SEKOBOTO se ne se mo tsosa ka matjeke, a tsohelle ho tla hlwekisa sebaka seo. Ka phirimana moruti eo a etse thobalano le yena.
"Ba ne ba bolela ha thobalano e le karolo ya mosebetsi wa rona, empa ho rona seo e ne e le tlhekefetso," ho rialo Juliana Dogbadzi, ya neng a iswe moo a le dilemo di supileng feela ho ya lefella dibe tsa bontataemoholo.
Ka mora tlhekefetso eo ya dilemo tse 20 mmeleng le ka thobalano, o ne a se a na le bana ba babedi ka lona lebaka la peto eo. Le mehwabadi ya ho otlwa mmeleng mohla a neng a leka ho thoba jwale e ne e se e fela.
Kajeno le yena o kene letsholong la ba kgahlano le tshotlo ena.
Pele, ho ne ho iswa phoofolo moo tempeleng ha ho le teng sebe se entsweng ke setho sa lelapa. Phoofolo eo e ne e nkwa e le sehlabelo ho medimo ya bona.
Haeba mohlomong motho a bolaile, kotlo le yona e ne e eketseha, ka hodima phoofolo eo, ho ne ho hlokahala ngwanana eo e sa leng morwetsana. Ba neng ba sa etse sehlabelo sa melato ya bona ho ne ho bolelwa ha thohako, bomadimabe le lefu ha di ne di tla ba hodima bona.
Meloko
Haeba ngwanana eo a hlokahala kapa modimo eo wa moo a se a kgathetse ke yena, lelapa le tlameha ho tlisa e mong bakeng sa hae.
Dogbadzi, ya seng a tla kopanya dilemo tse 40, o thusa basadi ba babedi ba tswang bokgobeng boo hore ba kgone ho hodisa bana ba bona.
"Ba batla ho kgutlela moo kgolehong, empa ke bowatla boo. Ke a rata ho ba thusa, empa ha ke na tjhelete."
Mokgwa ona o se o hlile o jele setsi mme bohle ba kgahlano le ona ke ba tswang kantle jwalo ka dinaha tsa ka Bophirima kapa ba Ghana ba merabe e meng e nang le meetlo e fapaneng le ona.
Bongata ba tjhelete e sebedisetswang letsholo lena ke e tswang Matjhabeng a Kopaneng le International Needs, mokgatlo wa Australia o lwantshanang le bokgoba.
Balaodi ba naha ya Ghana ba iphapanyetsa sena. Le mapolesa a teng a bolela ha a sa tsebe letho ka molao o neng o pasiswe ka 1998 o hanyetsanang le bokgoba bona. Ha ho mang ya seng a kile a qoswa tlasa molao ona.
"Re thusitswe ke molao ona mme jwale re sheba mokgwa oo re ka ba tshehetsang ka ona," ho rialo Prosper Senyo, wa mmuso wa Ghana ya ntseng a bokeletsa dintlha bakeng sa tlaleho e hlokwang ke UN International Labour Organisation ka tshebediso ya bana dibakeng tsa mosebetsi.
Makgoba a thobalano
Bonyane jwale Ghana e se e na le molao. Mokgwa ona haesale o ntse o tswelapele leha dinaha tsa boahisane tse kang Togo, Benin le Nigeria di o nyatsa.
Leha re sa kgone ho bolela dipalopalo tse nepahetseng, empa ho nahanelwa ha makgoba ana a thobalano a ne a ballwa ho 5 000 ka 1999 hara makgoba ohle a 35 000 a naheng eo.
Dipalopalong tseo, ha ho a balwa bana bana ba neng ba entswe makgoba a baruti, ona a neng a balwa ka mashome a dikete naheng ya Ghana feela.
Tlaleho ya Matjhaba a Kopaneng e bitswang Violence Against Women, e bolela ha basadi bao e neng e le makgoba a thobalano ba 87 lekgolong ho ba 2 000 ba neng ba lokollwe pakeng tsa 1997 le 1999 ba boetse bokgobeng bona ba kerekeng hape.
Priscilla Kalitsi, hlooho ya mokobobo ho International Needs Vocational Training Centre mane Adidome, o ntse a thoba ba lokolotsweng moo maikutlo hore ba lebale ka tse fetileng mme ba tshwarele bao ba neng ba ba sotla. Empa yena ka boyena ho bonahala a senyeha maikutlo ha a utlwa ka tshotlo ya thobalano le tlala eo ba tswang ho yona.
"Ha ke rate ho bontsha ho ameha ha ka maikutlo hobane seo se ka etsa ba se kgone ho tshwarela le hona ho lebala ka seo," ke yena eo.
Ba hloka morwetsana
Dogbadzi o bolela ha ho le teng ba lelapa la habo ba neng ba hlokahale bokgobeng boo sebakeng se haufi le Adidome, moo bokgoba bona ba neng bo jele setsi haholo. Ba ne ba iswe moo ho ya kwala sekgeo sa barwetsana ba neng ba hlokahetse. Dogbadzi e ne e le wa bone ho iswa moo, a kena sebakeng sa motswalae ya neng a hlokahetse.
O bolela ha a ba tshwarela ba lelapa la habo, empa a ke se tshwarele Togbe Defia, moruti eo a neng a mo hlekefetse dilemo tse atametseng ho tse 20. "O ne a qale ho etsa thobalano le nna ke sa le ngwana," ke yena eo.
Defia o ne a hane ha ho hlahlojwa hore na o ntse a na le makgoba kapa tjhe.
International Needs e ne e nehe baruti ba kang Defia ditlhapiso ka makgoba a neng a a lokolle. Ba ne ba nehwa dintho tse kang dikgomo, malwala, matloa a ho tshwasa ditlhapi, seketswana kapa yona tjhelete.
Ka ho ya ka Vincent Azumah, moruti enwa o ne a fumana US$60, ka lekgoba le le leng a le lokolotseng. Vincent o ne a boela hape a buisane le bona ho leka hore ho lokollwe a mang hape.
Ho leka ho thoba
Dogbadzi o lekile ka makgetlokgetlo ho thoba. E nngwe ntho e neng e fihla kelellong ya hae ke hore leha a atlehileng ho thobeng, ba lelapa la habo ba ne ba tla mo kgutlisa jwalo ka ha ba ne ba etse nakong eo a neng a thobile ha a ne a le dilemo di 12.
"Nkgono o ne a bolele ha ba sa rate ha ke sotlwa, empa lelapa le ne le na le bomadimabe, ka hoo, ba nkisa moo kerekeng ho ya etsa tefelo ya lona," ke yena eo.
Dogbadzi ha a rate ho bolela hore o ne a dule kgolehong nako e kae, le hore o ne a lokollwe a le dilemo di kae, le hore bana ba hae ba ba kae dilemong. Jwalo ka makgoba a mang, le yena o ne a sa ya sekolong.
Makgoba a neng a bitswa trokosis, a ne a sa ya sekolong, ba ne ba tswa moo kerekeng ba ye masimong a yona kereke ho ya sebetsa teng.
Leha ba tswile moo kerekeng, ho ne ho le boima ho thoba hobane ba ne ba bonahala ha bonolo ka ropo e neng e leketla molaleng le lesela leo ba neng ba le tlama sefubeng.
Ha ba kula, ba ne ba iphekola ka ditlamatlama.
"Moetlo wa habo ha o dumelle ho sotlwa ha basadi le bana mmoho le hona ho beta bana," ho rialo Dogbadzi.
"E ne e le trokosis tse neng di etsa jwalo."
Dogbadzi o bolela ha tlhefetso eo e sa qetwe ke ho lokollwa bokgobeng feela.
Yena o bile lehlohonolo hobane kajeno o na le monna ya sa natseng ka maima a fetileng ho ona mme jwale ba na le bana ba babedi.
Monna eo wa hae o ne a lemale ngwahola mme a ka se kgone jwale ho tswelapele le mosebetsi wa tsa kaho, jwale ke yena ya shebaneng le ho fepa lelapa ka tjheletenyana a e fumanang ka ho rekisa mebileng.
"Bongata ba banana le basadi ba tswang moo kgolehong, ba hula ka thata," ke yena eo, "empa he leha ho le jwalo re lokolohile, re na le bolokolohi."[s]
BONA SESOTHO - June 2007
Mosadi e mong wa Ghana, o pheta masa-a-kokometse ka moetlo wa Afrika Bophirima wa tlhekefetso ya banana ka thobalano...
Bokgoba
bo sa ntse bo jele setsi
BONA SESOTHO - June 2007
LE LETSHEHADI: Bongata ba basadi haesale ba sotlwa ho tloha bongwaneng. Tlhekefetso ke seo ba se tsebang.
u
t
BONA SESOTHO - June 2007
'O ne a qale ho mpeta ke sa le ngwana'
KA HODIMO: Juliana Dogbadzi le e mong wa bana ba hae. Juliana o ne a le dilemodi supileng feela ha a ne a romelwa moo kgolehong bakeng sa tefelo ya dibe tsa bontataemoholo.
HODIMO: Sebaka se bolokehileng, moo basadi ba lokolotsweng ba tshehetsanang teng.
