sotho.662.bafana
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho ka GETTY IMAGES/GALLO IMAGES
Na re ka hlola Ghana"
Re saletswe ke papadi tse pedi feela hore re kene Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika ...
HO TLA hlaka kgweding ena hore re a kena Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika kapa tjhe, se tla hlakisa seo ke sephetho sa dipapadi tse pedi tse thata tseo re tla di bapala matsatsing a 14 feela.
Bafana e pele ka dintlha tse pedi dinaheng tseo e qothisanang lehlokwa le tsona mme e itshepile. Ho hlola Chad ka 3-0 mabaleng a Ndjamena ka Hlakubele, moo ba neng ba bapala papadi ya pele ya semmuso tlasa mokwetlise e motjha, Carlos Alberto Parreira, ya kileng a hapa Mohope wa Lefatshe, ho tshepisa haholo hore le Bafana o tla e beha maemo a hodimo.
Ha re kopanya le ho bapala ka ho lekana ka Hlakola le Congo le Zambia, dinaha tseo Bafana Bafana e pannweng le tsona tlhodisanong ena, ho bonahala ekare Parreira le moifo wa hae ba tla hantle.
Maemo a rona a tla be a tsetsitse, mosebetsi wa ho kenya sehlopha sa naha ditlhodisanong tsa Mohope wa Dinaha tsa Afrika tsa 2008 tse tla bapallwa Ghana o tla be o phethilwe ha Afrika Borwa e ka boela ya hlola Chad papading e tla bapallwa kwano ka Phupjane, e boele e hlole Congo ha e bapala le yona Brazzaville dibekeng tse pedi ka mora moo.
Chad e tla tiisa sehlopha sa yona ka mora ho hlolwa ha bohloko ke Bafana empa ho bonahala ekare ba tla be ba se na menyetla haholoholo hobane e ne e hlolwe mabaleng a habo yona Lehwatateng la Sahara ka Hlakubele.
Meya e hlabang ya mariha e ba emetse ba sehlopha sa Chad se reneketswang ka hore ke "Sao" habo sona mme Bafana Bafana e ikemiseditse ho hlahisa mokgwa o motjha wa ho hlaba dintlha lenyelenyele.
Re a ya Congo
Jwale tabakgolo ke ho ya Congo, moo Bafana Bafana e tlamehang ho hlola naha eo habedi pele e ka reka ditekete tsa ho ya Ghana.
Ka mora dipapadi tse tharo moo Pointe Noire, Afrika Borwa e tla bapala motsemoholo wa naha eo, Brazzaville, lebaleng la teng la Alphonse Massamba Debat.
Congo e ne e tshose bohle mane Joburg selemong se fetileng ka Loetse ha e ne e hatella Afrika Borwa hore e qetelle e tswile ho se ya hlabileng ntlha mane Soccer City.
Mosebetsi o kgabane wa Christophe Samba wa Congo, o ile wa totobala. O se a bapala mmoho le mokapotene wa Bafana, Aaron Mokoena le mohlabadintlha, Benni McCarthy sehlopheng sa Engelane sa Blackburn Rovers.
Mokoena o re ho kena dipapading tsa Mohope wa Dinaha tsa Afrika ho tla ntlafatsa tsela ya bona ya ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010. O re dibapadi di tletse morolo ka mora ho fihla ha mokwetlise e motjha, eo bokgoni ba hae bo kgahlang bohle.
Re ntlhaneng
"Re utlwana hantle jwale ka sehlopha, le ka nako eo re neng re hlolwa haholo re ne re le ngatananngwe, empa ho hlola Chad ho re tsositse molota haholo," ho bolela yena.
Mokoena o ne a sa bapale Mohopeng o fetileng wa Dinaha tsa Afrika ka mora hore a amohuwe sekola sa bokapotene Ekgepeta, o ne a ngale hobane a re o a nyenyafatswa mosebetsing wa hae wa boetapele ba sehlopha. Empa eitse hoba Ted Dumitru a tswe bokwetliseng ba sehlopha, Mokoena a boya sekwele.
"Ke rata ho le hlokomedisa hore re sa le ntlhaneng. Mosebetsi boholo o sa tla, ha jwale re nehilwe monyetla feela wa hore re etse se setle le se molemo bakeng sa naha ya habo rona.
"Ho bapalla naha e lokela ho ba tlotla. Ho bohlokwa hore dibapadi di fetole maikutlo a tsona hobane dipapadi tsena di bohlokwa haholo bakeng sa ditlhophiso tsa rona," ho boletse yena. Ke na le tshepo e kgolo ya bokamoso bo botle ba Bafana hore e tla boela e nka sebaka sa yona sa bohlokwa bolong ya lefatshe."
Parreira le yena o re o na le tshepo empa o re ha a batle ho potlakela dintho, o re: "Bohle ba ikemiseditse. Re lokela ho itlwaetsa ho boloka bolo, seo ke sephiri sa katleho," ho bolela mokwetlise.
O re o na le motheo wa bohlokwa wa ho aha sehlopha se matla sa kamoso. "Re tsepamisitse dikelello tsa rona dinthong tse pele jwalo ka ho kena ditlhodisanong tsa Mohope wa Dinaha tsa Afrika tse tla ba Ghana," ho bolela yena. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
Bolo ya maoto ya Afrika Borwa
Afrika Borwa Mohopeng wa Dinaha tsa Afrika
1994 (Tunisia): Ha e ka ba ya kena.
1996 (Afrika Borwa): BAHLODI.
1998 (Burkina Faso): E ne e hlolwe ke Ekgepeta ho makgaolakgang.
2000 (Ghana/Nigeria): E ne e hlolwe dipapading tse etellang sekamakgaolakgang.
2002 (Mali): E ne e hlolwe dipapading tse etellang sekamakgaolakgang.
2004 (Tunisia): Ya tswa mokgahlelong wa pele.
2006 (Ekgepeta): Ya tswa mokgahlelong wa pele.
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: Ba itlhophisetsa ho nka sebaka sa bona bolong ya matjhaba.
LE LETSHEHADI: Ho hlola Chad ha Bafana ka 3-0 ho ba kgothaditse.
LE LETONA: Parreira o qadile selemong sena ho kwetlisa sehlopha sena...empa maemo a se a nyolohile haholo.
BONA SESOTHO - June 2007
