sotho.656.triviajun
Fumana lebitso
Saturn
BONA SESOTHO - June 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
Violin e na le dikotwana tse 70 tsa patsi tse arohaneng!
Fumana lebitso la phoofolo ka ho bala mantswe ana o lebisa pele, morao, hodimo le tlase. Etsa sedikadikwe ho leo o le fumaneng.
Hobaneng Saturn e potapotwa ke direng"
Direng tsa Saturn e di etsa e shebahale e le planete e ntle ho di feta ho solar system. Direng tsena di etsahala ha kgwedi e atamela ho planet mme e kgaoha ka lehare, e siye majwana a potapotile planet. Saturn e boetse hape e na le dikgwedi tse 10.
... Saturn ke yona feela planet e nang le reng"
Saturn e na le direng tse totobetseng. Empa Jupiter, Neptune le Uranus kaofela di na le direng tse sa totobalang hantle. Le lefatshe le kile la ba le direng tse neng di etswa ke majwana a neng a benya sepakapakeng.
Masela a tafole pele a ne a sebediswa e le dithaule tsa hore baeti ba hlakole matsoho ka tsona le difahleho ha ba qeta ho ja!
P Ke dife dinaha tse hlahisang kgauta e ngata ho feta lefatsheng"
K Afrika Borwa e hlahisa ditone tse 5 300 ka selemo ha United States di le ka hodimo ho tse 3 200.
Sohle ka...
... Angkor Wat
Thatolla
Ngola mantswe ana ka nepo
BONA SESOTHO - June 2006
ANGKOR Wat ke tempele ya Angkor, Cambodia, e ahetsweng Morena Suryavarman II maqalong ka dilemo tsa bo 1200 e le tempele ya hae ya mmuso. "Angkor" e bolela motsemoholo athe "wat" yona e bolela tempele.
Tempele ena e kgolo e ntse e le jwalo, ha e a tjhentjhwa hohang mme e ntse e le sebakeng seo e neng e ahilwe ho sona dilemong tseo, ke sehopotso se seholo sa tumelo ya bona - ya Mahindu le Mabuddhi.
E ahilwe ka majwe, e emetse Mount Meru, lehae la medimo ho ya ka tumelo ya Mahindu. Ho na le mokato wa bolelele ba dikilomitara tse 3,6km o phahameng, o arotsweng dikoto tse tharo, mokato ka mong o bophahamo ba ona. Bohareng ba tempele ho na le sehlopha sa meaho.
Dilemong tsa bo 1400 tempele ena e ne e sebediswe haholo ke ba Buddhi. Ebile seipone sa Cambodia, hape e le tlotla ya naha eo.
Angkor Wat e boetse hape e hlahella le folakgeng ya Cambodia, eo e leng yona folakga ya naha lefatsheng e nang le moaho.
Maqephe a boithabiso a BONA
Dipapadi tsa mefutafuta
Ha o kile wa ya Iceland, o se o tseba hore ho fa basebetsi ba mabenkeleng a rekisang dijo tjhelete ke thohako!
O tseba jwang ha paenapole e butswitse..."
PE ba bonolo e ke e a eboha.
PE eboleha makgapetla ka bonolo
PMonko wa yona o nkga haholo.
BONA SESOTHO - June 2006
Dipaenapole ke dimela tse utlwanang le mongobo, ke ka hona di leng ngata Brazil, Bolivia, le Paraguay.
E na le makgapetla a 30 kapa ho feta a na le metsu e ka bang 30-100cm bolelele, e potapotileng mothapo o motenya. E bitswa "paenapole" hobane e tshwana le kgaketla ya phaene.
Tholwana ya yona e etswa ke ditholwana tse tshesanyane tse kopaneng. Ho ya ka mofuta wa tholwana eo, e ka nna ya eba bolele ba 30cm le boima bo ka hodimo ho 4kg.
E foreshe e a bitsa kaha e boi hape ha ho bonolo ho e tsamaisa ka sekepe. E kotulwa e butswitse e iswe mmarakeng hanghang hobane ha e butswe ha e kgilwe e le tala. E a fumaneha le ka dikotikoting.
Lero la yona le ka sebediswa ho tlotsa nama hore e phakise ho butswa.
Meetlong e meng ke sesupo sa kamohelo.
Leka tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke ona mohlala, ke eng lebitso la ntho eo o e bonang"
Dipaenapole
Morena wa pelo dikareteng ke yona feela karete e nang le morena ya se nang ditedu!
Panama Canal
PANAMA Canal ke kanale e kgolo ho di feta kaofela ya dikepe e kgaolang ka lehare Panama Bohareng ba Amerika ho ya kenella lewatleng la Atlantic le la Pacific.
Moaho wa kanale ena e bile o mong wa e meholo ka ho fetisisa hara maano ohle a thata ao boenjineere ba kileng ba a sebetsa. Le tlisitse phapang e kgolo dikepeng hobane le fedisitse maeto a malelele a bileng a leng kotsi a dikepe ka borwa ho Amerika.
Leha ba bang ba ne ba nahana hore ho ahwa ha kanale e tla ba mosebetsi o bonolo empa ho ne qalwe ho rerwa kanale ya Panama dilemong tsa bo 1500, moaho wa pele wa qalwa maqalong a bo 1880, tlasa mmuso wa Mafora.
Ba fella tseleng mme mosebetsi wa qetelwa ke United States ka 1914.
Moaho wa dikilomitara tse 77 wa qala ho ba le mathata wa hoholeha. Basebetsi ba ballwang ho 27 500 ha nahanelwa hore ba shwetse moo.
Marangrang
Setshwantsho ka seng se o neha moelelo wa seo o lokelang ho se ngola ka lesakaneng
BONA SESOTHO - June 2006
