sotho.654.health
tsa bophelo bo botle
Kotsi e ntjha ka ho nwa
Sebedisa sopho!
Tse monate ke tsa hore ha o ka qala letsatsi la hao mariheng ana ka sejana sa sopho ya low-kilojoule, o tla kgona ho theola boima ba mmele. Kgetha mofuta o nang le 400 ho ya ho 600 kilojoules ho eletsa ba dipatlisiso ba Pennsylvania State University. Sena se bontshitse ha mokgwa ona o fokotsa kilojoule e jewang ke batho ka 20 lekgolong.
BONA SESOTHO - August 2007
Haeba o le lehlatsipa la letswalo le tshabo, ho tsheha ke yona pheko ya hao, ho rialo ngaka ya kelello, Joe Griffin, e mong wa dingodi tsa buka e bitswang How To Master Anxiety! Ho tsheha ho bolelwa ha ho phomotsa letswalo jwalo ka ha e ba lona le harohang ha o tshaba kapa o tshohile. Ka hoo, shebella metlae kapa o letsetse motswallao eo o tsebang hore ha le e qete puo ya lona a sa o qabola.
Ikgatholle ka ho tsheha
NNETE:
Phela hantle le letswai!
Ka ho ya ka dipatlisiso tsa Harvard Medical School mane US, ho tlohela letswai ho ka o lelefaletsa tshiu tsa bophelo ba hao. Dipatlisiso tsena di bontshitse hore bathong ba ka bang 3 000 ba seng ba phetse dilemong tse ka bang 15 le kgatello e hodimo ya madi, ba etsang kotara ya bona ho bonahala menyetla e le menyane ya hore ba tshwarwe ke lefu la pelo le ho shwa lehlakore, ka lebaka la ho tlohela letswai mme a le mong ho ba bahlano ho bona o se a phetse.
Hlokomela maikutlo a ka mafelo a beke. Ho ya ka dipatlisiso tsa Danmark, basadi ba nwang dikgalase tsa jwala tse fetang boneng ka letsatsi kapa tse 22 - 27 ka beke, ba menyetleng e 130 lekgolong ya ho kenwa ke kankere ya letswele. Empa le haeba o nwa ka mafelo a beke feela, kotsi e ntse e le kgolo hobane o tla nwa haholo meketjaneng le boithabisong.
Hlooho ya motho e boima bo ka bang 3,6kg
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
NNETE:
Kgaotsa ho shebella TV
Haeba o batla bana ba hao ba atlehe bophelong, ba kalle nako ya ho shebella TV, eo ke keletso ya radipatlisiso wa Columbia University mane US. Ba fumane hore baneng ba dilemo di 14 ba shebellang TV dihora tse tharo ka letsatsi menyetla ya bona ya ho ya yunivesithing e fokotseha habedi ho feta bao ba e shebellang hora feela ka letsatsi. Ba dumela hore TV e lebatsa bana mesebetsi ya bohlokwa jwalo ka ya sekolo, e leng se tla hola le bona.
Phaphamisa kelello ka...
...ho mathisa mahlo! Qeta metsotswana e 30 o mathisa mahlo a hao kwana le kwana mme kelello ya hao e ka ba tjhatsi ka dipersente tse 10, ao ke mantswe a boradipatlisiso ba Manchester Metropolitan University. Ba dumela ha sena se etsa mahlakore a boko ka bobedi a sebetsa mmoho.
Popelo ya mosadi e ka saroloha makgetlo a 500
BONA - August 2005
