sotho.652.muthi
Ha badimo ba o dutse POPELONG
Tsela eo a neng a batla ngwana ka yona, o ne a qetelle a entse thobalano le lethuela.
KE sa tswa fumana lengolo la mosadi ya ngongorehisitsweng ke bonyopa hobane a hana ho amohela bothuela. O dilemong tsa bo 40, o dilemo di 18 a nyetswe.
Pele a bolellwa hore badimo ba dutse popelong ya hae, o ne a sa rate le ho utlwa feela ka bothuela. Seo a neng a batla ho se etsa, ke ho hlala monna hae. Badimo ba mo fihlela ka toro, ba mo bolella hore leha a ka nyalwa hape, a ke ke a ba le thari.
Ditoro tsa tswelepele. Ho e nngwe, o ne a bolellwe hore o tlameha ho ya lethueleng la sebakeng se seng le tla mo phekola. Yaeba leeto la letsatsi lohle.
"Matsatsinyana ka mora ho kopana le lethuela leo, ke ne ke lore ha bohloko mme ka ba ka nahana le ho ipolaya," ke yena eo.
"Torong ha thwe ke tlameha ho etsa thobalano le lethuela leo hore ke be le bana. Ha nka ba ka bolella monna wa ka, ke ne ke kene tseleng, ka boela ho lona.
"Ha ke fihla ho lona, ke le bolella ditaba tsena, le ne le makale.
"Le ne le bolele hore ke lekgetlo la pele dilemong tse 50 le alafa ho utlwa taba ya hore le alafe ka mokgwa wa thobalano.
"Lethuela lena le nyetse le na le bana mme le ne le sa rate ho etsa se neng se ka qhala lelapa la lona."
E ne e re ha a se a ya lekgetlo la boraro lethueleng lena, le ne le bontshe ho dumellana le yena. "Le ne le bolele hore ha ke a tlameha ho hanyetsa taelo ya badimo hobane ditoro tseo tsa ka di ne di qale re so ka re tsebana.
"Tsatsing leo, re ne re etse thobalano mme ka mora moo, ke ne ke lebelle lesea la lethuela leo.
"Ke ne ke ikutlwe eka ke a lora mohla ke neng ke beleha ngwana moshanyana, jwalo ka ha batho ba ne ba bolela hore ke se ke le moholo bakeng sa ho beleha."
Ka mora moo, o ne a lore a nyetswe ke lethuela leo mme le mo ahetse motse.
"Ha ke se rate sethepu," ho bolela yena, "e nngwe taba, ha ke rate ho utlwisa monna wa ka bohloko."
Ha ho ne ho fela matsatsi a mabedi a sa bone lethuela leo, sefuba se ne se opa. "Se ne se ba betere ha nka bua le lona mohaleng kapa ka le etela.
"Ana badimo ba lwanela taba ena ya ka le lethuela lena"" ke yena eo.
O batla ho hlahlamisa - empa kgetlong lena, o batla ngwana wa monnahae.
Mathata a maholo jwale ke hore o se a rata lethuela lena. "Ke a le rata lethuela lena mme le lona le a nthata," o boletse jwalo.
KARABO YA FORCE
Eish! Ho hlakile hore badimo ha ba a thabiswa ke ketso ya mosadi enwa.
Ho ya ka moetlo wa rona, monna a ka se nyala sethepu, empa e seng mosadi.
Seo a tlamehang ho ingongorehisa ka sona, ke bokamoso ba morahae, le hore ho tla etsahalang ha a se a nyetse a na le bana.
Morahae o tlameha ho tseba seboko sa habo ntatae le meetlo ya teng.
Tharollo tabeng ena ke hore a kopanye ba bohadi ba hae le ba habo.
Kopanong eo ya malapa a mabedi, ke moo a tlamehang ho nya matsete teng.
Ho tlameha ho romellwa lethuela molaetsa, ba le tsebise ka molato oo le o entseng mosading wa motho.
Ha malapa ana a se a kopane, mosadi enwa le lethuela, ba tlameha ho etsa mosebetsi wa ho kopa tshwarelo ho badimo.[s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
KALAFO YA SETHO
Ke ne ke lore ke bolellwa hore ke etse thobalano le lethuela leo hore ke tle ke be le ngwana
DITLHARE
THARI
Basadi ba sa fumaneng bana, ha ba a tlameha ho nna ba ingamangama ka dintho tse ngata, empa ba ka etsa "thari."
Thari ena e etswa ka nku mme mehleng ya kgale, letlalo la nku eo, ho ne ho petjwa ngwana ka lona, e be yona thari ya hae.
Haeba mosadi a sa be le bana - mme ho belaelwa hore ke ka lebaka la badimo- ho ne ho hlajwa nku ho ipiletswe badimong.
Mosebetsi ona o tlameha ho etsetswa lapeng la mosadi eo mme batho ba baholo e tlameha ho ba bona ba buang le badimo.
