sotho.651.winnie
Winnie
KE selemo sa boraro jwale Winnie a nyetswe - ekaba o imme? Eo ke potso ya pele eo moqolotsi wa ha BONA a ileng a e botsa naledi ena ya Generations ha ba ne ba kopana ho le leng la mabenkele a dijo, Auckland Park mane Joburg e le Labohlano mantsiboya.
O ne a tlisitswe ke monna wa hae, Thabo - re ka bolela hore ba a ratana batho bana, re rialo ho latela tsela eo ba neng ba fonanisane ka yona.
Ho latela tsela eo ba ratanang ka yona, ho tlameha hore e be ho se ho na le ngwana kapa ba babedi ba seng ba mathaka lebaleng leo la ha Modise.
Winnie o ne a tshehe mme a bolela hore ha ba na bana mme hape le yena ha se moimana. O ne a bolele hape hore le mmae mane Eshowe, KwaZulu-Natal, moo yena le bana ba habo ba supileng ba holetseng teng, le yena o ntse a botsa ka ditloholo.
Ho ya ka setho sa rona, ho tlameha hore jwale naledi ena e maphathephathe e se e na le ngwana.
Ha se taba ya pele eo Winnie a e etsang eo ho bonwang e fapane le "setso" sa rona. O ne fose setso ka hore a dule le Thabo le pele ba nyalana. Batswadi ba hae ba ne ba sa tsebe hore o ne a dula le mohlankana. Batswadi ba Winnie, Zwelakhe le Bongekile, ba ne ba tsebe sena nakong eo Thabo a neng a tlilo ntshetsa Winnie mahadi.
Empa ha re boela potsong ya rona, ekaba banyalani bana ba ikemiseditse ho ba le ngwana neng?
"Re sa rata ho shebana le rona feela pele re ka kenya motho wa boraro bophelong ba rona. Re hodile jwale mme re se re ithutile tse kgolo ka lenyalo," ho rialo Winnie.
O boletse hore taba ya ngwana ba tla e bona selemong sena.
O re o se a ikemiseditse ho ba le ngwana wa Thabo hobane ke monna ya lokileng, ya bileng a tshepahetseng.
"Ha ke tla kopana le yena, ke ne ke rata ho fumana motho ya lokileng, ya nahanelang maikutlo a ba bang," o boletse jwalo Winnie. O ne a kopane le Thabo ka 2002 Grahamstown Arts Festival mane Kapa Botjhabela.
Thabo ke moqolotsi wa ditaba tsa TV ho SABC. O dutse a potoloha le lefatshe ho qolotsa ditaba tsa bohlokwa tsa dipolotiki.
Ha a tsheletse mose, o e a thabise Winnie ka ho tla a mo reketse diaparo le ditebelalephoka.
Empa ho loka ha Thabo ha se yona feela ntho e neng e hape pelo ya Winnie. Lerato le tumelo ya hae, ke a mang a mabaka a entseng hore Winnie e be moratuwa wa hae.
"Ke ne ke mo rate ke ntse ke tseba hore o pholositswe mme ke ne ke dutse ke ipotsa hore e be ke tla etsang ka moruti enwa," ke yena a ntse a tsheha. Leha ho le jwalo, Winnie le yena o ne a kgone ho amohela Modimo. Ka bobedi jwale ba se ba eya kerekeng ka Disontaha. Ho fihlela ha jwale, ba se ba ithutile tse kgolo lenyalong - ba se ba fetile maimeng le manolong.
Winnie o a dumela hore leha ho le monate lenyalong la bona, empa le bona ba ntse ba na le maima le manolo jwalo ka dikamanong tsohle.
"Lenyalo le nthutile hore ke se shebe diphoso molekaneng wa ka, empa ke ithute yena," ho rialo Winnie.
"Ha re na le mathata, re a bontshana, re rapele - ke ona mokgwa o re sebeletsang tharollong ya mathata a rona."
Winnie, ya neng a qale dipaleng tsa TV ho Backstage ka 2003, a bapala karolo ya ngwana wa seterateng, o a dumela hore o ne a rata meketjana pele a kopana le Thabo.
"Ke ne ke tlamehe ho tjhentjha metsamao," ho bolela sebapadi sena se dilemo di 33, "ke leboha Modimo ka ho romela Thabo ho tla ntopolla bophelong boo bo seng molemo ba menate." Jwale potso e kgolo ke ya hore, ekaba karolong eo a e bapalang ho TV, o tla mo fumana molekane wa nnete.
Haesale ho tloha Khethiwe Buthelezi a qala paleng ya Generations ka 2005, o na le mathata a ho fumana molekane wa sebele. O ne a qale a hloleha ho hapa pelo ya mofu Tau Mogale eo a neng a mo sebeletsa, a batla ho mo arohanya le Karabo Moroka. Ka mora moo, o ne a ratane le Ace ya neng a sebeletsa senokwane se Jack Mabaso.
Ka mora moo, o ne a nkane le Sibusiso Dlomo e leng se neng se qete setswalle sa hae le Ntombi.
Ngwanana enwa wa mahaeng o ne a etse phoso e nngwe hape ka hore a dumele ho ekwa ke moshemane wa ditoropong, Adam, ya neng a qetele a mo nyahladitse sa moko wa pere.
O boetse hape a nkana le monna ya nyetseng, Dumisani, ya nang le mosadi ya sa utlweng le sware se sa lokang. Ebe Khethiwe yena o tla mo fumana neng molekane ya nepahetseng?
"Khethiwe o se a nanarelwa ke bahlankana ba sa lokang, ba mmonang hore ke motho ya jwang," ho rialo Winnie.
"Empa nka bolela hore Khethiwe ha ke mo rate," ke Winnie hape. "Ha a bontshe ho hola ho tsa lerato, o kgolwa monna e mong le e mong ya fihlang ho yena."
Ha re boela ditabeng tsa nnete: ekaba baratani bana ba ikemiseditse ka eng ka letsatsi la "Valentine?"
Ha ba so ka ba hlophisa letho, empa Winnie o nahana hore ba tla be ba iphomoletse, ba itjhebellela di-DVD. Ho bonahala e le monahano o motle jwalo ka ha ba ikemiseditse ka ngwana tjena. [s]
Pale: Siyabonga Ngcangisa
Ditshwantsho: Ivan Naude
TSA DINALEDI
o rata
Ha re le
matha-
teng, re a bontsha-
na re
rapele
Winnie Modise, o na le monna eo a mo ratang, ha a tshwane le karolo ya Khethiwe eo a e bapalang. O re qoqela ka monnae le hore o tla ba le bana neng
Ke hopola re qala ho bonana... ha nka ba ka mo natsa Thabo. O ne a mpolelle hore ho teng moo a ntsebellang teng, empa seo ka se ka se natsa.
Tsatsi la pele re intshitse... re ne re ye setsing sa mabenkele a Eastgate. Re ne re intshe makgetlo a mane pele re ratana.
Monna wa ka... ke monna wa sebele, ka dinako tsohle ha re le mmoho, o a nkgotsofatsa, o mpha lerato.
Thabo o...hloletswe nna feela.
Jwalo ka banyalani... re rata ho ikela Gold Reef City ho ya ipapalla dipapadi jwalo ka bana ha re sa etse letho.
WINNIE O NYA MATSETE KA TSA RATO LA HAE
