sotho.650.muthi
re bua ka ditlhare
Tsohle ka
'tjhelete ya badimo'
DINGAKA le mathuela a mangata a shwa le tsebo ya ona. Ke rialo ka lebaka la taba ya mohlankana e mong wa naheng e nngwe ya boahisano ka leboya ho noka ya Limpopo...
"Ntatemoholo e ne e le lethuela le tummeng," o boletse jwalo lengolong la hae.
"Ka mora lefu la hae, e leng dilemong tse mmalwa tse fetileng, karolo e nngwe ya dintho tseo a neng a di sebedisa ha a ne a phekola, e ne e akgelwe nokeng, ha tse ding tsona di ne di patwe ka lehaheng.
"Sena se ne se etswe ho latela taelo ya hae.
"Re ka etsa mohlala ka hore lebaka le mo entseng hore a re tse ding di akgelwe nokeng, ke hobane o ne a thwasetse koetseng jwale o re ha a se a qetile mosebetsi, o tlameha ho busetsa disebediswa ho beng ba tsona.
Mpho e ikgethang
E nngwe ntho ka ntatemoholo, ke mpho e ikgethang eo a neng a e behetse setloholo sa hae.
"O ne a ntshiele mokotla o neng o tletse tjhelete e lewana. Bo malome ba ne ba mpolelle hore leo ke lefa leo a ntshietseng lona hobane ke ne ke reheletswe ka yena.
"Pele bo malome ba mpolella ditaba tsena, ke ne ke dutse ke ipotsa hore hobaneng ha ntatemoholo a ne a bolokile tjhelete ena. Ke ne ke bile ke nahana hore ke e mong wa batho bana ba bokeletsang tjhelete ya silivera. Empa jwale ka hlokomela hore ke hobaneng a ne a etsa jwalo.
"Maikutlo a ka a ne a mpolelle hore ho na le seo tjhelete ena e se bolelang.
"Ke ne ke ikopanye le lethuela le leng la Malawi, ke rata ho tseba hore tjhelete ena e bolelang, empa yena o ne a kope hore ke mo rekisetse yona. Ha a ka a ba a nneha karabo eo ke neng ke e hloka.
"Ho ne ho fihle le e mong monna ya neng a kope hore ke mo nehe yona yena a nnehe sethuthu se mabidi a mane, empa ka hana.
"Tsena tsohle di ne di etse hore ke hle ke be le kgwao ka tjhelete ena.
"Ke ne ke qetele ke ikopantse le monna e mong wa lekgowa, ya neng a mpolelle hore leha tjhelete eo e le ngata, empa ke mpho e fetang tjhelete."
Empa seo se bolelang" Ke seo mmadi eo a ratang ho se tseba.
Mahlohonolo le matla a ho alafa
Hara ditjhelete tseo, ho na le sixpence ya Rhodesia e nang le dilepe tse pedi, e nngwe ya tsona e na le marumo a mararo, hape ho na le disheleng tsa Afrika Botjhabela eo e nngwe ya tsona e nang le tau, ha e nngwe e le pene ya silivera.
"Ntatemoholo o ne a etsang ka tsona"" ho botsa mobadi enwa.
Mosebetsimmoho le nna eo e leng moqolotsi wa ditaba o boletse hore yena e ka be e le kgale a ne a di rekise hobane o tshepa hore ntatemoholo o ne a sa rate hore ke hlophehe!
Nna keletso ya ka ho yena ke hore a di boloke sebakeng se bolokehileng, a se ke a di rekisa.
Mona bothueleng, tjhelete ya tshepe ke e nngwe tsela ya ho buisana le badimo mme e ka tlisa mahlohonolo le matla a ho alafa.
Nnete ke hore mathuela a mangata a bolokile ditjhelete moo ba alafelang teng. Hangata, ba di fetisetsa lelokong ho ya ho le leng.
Ka ho rialo, ha ke leke ho utulla makunutu a mathuela hore ho be teng ba ka ratang ho ya utswa tjhelete eo ka kgopolo ya ho ipitsetsa lehlohonolo. Ditjhelete tseo di "sireletsehile" mme ha o ka e utswa, o tla be o ipitsetsa bomadimabe bo tshabehang! [s]
BONA SESOTHO - October 2007 93
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
