sotho.647.fashion
BONA SESOTHO - April 2008
FESHENE
Mariha ha a so kene, ka hoo, se reke diaparo tse ntjha tse ngata tsa mariha ha o qala o utlwa moyanyana o hlabang, empa tswaka tsa lehlabula le tse ding tse sa bitseng tsa mariha. Ho tenella, o tenella ka baki kapa jesi e bobejana kapa o kenye sekipa se matsoho a malelele ka hare, le hona ho a thusa...
Vest e dileise (R79), Mr Price. Baki e ntsho (R220), Identity. Sekete se sesehla le botsho, (R79,99), Jet. Dieta tse phahameng tse cream le botsho (R195), Rage. Mabenyane a ho tlama moriri (R23,99), Pick ,n Pay. Masale a benyang (R21), Identity.
Dieta tse butsweng di ka o hatsetsa ka nako ena ya hwetla, o hloka ho reka tse kwalehileng, tse mofuthunyana.Empa tse butsweng menwaneng di ntle ka dikete mmoho le dikausi tse futhumalang, le ka di-jean ha o ya mosebetsing ...kapa o ya kae feela!
TSWAKA MEBALA
Mose wa lehlabula o ka o tswela molemo le ka nako ena ya selemo ha moya o hlaba. O tenelle ka sekipa se matsoho a malelele kapa ka hempe, o bone ka moo o tla shebahala hantle ka teng, le wena o futhumale ha monate. Tenella ka thaethe kapa ka dikausi ha ho hlokahala.
Mose wa denim, (R160), Identity. Sekipa se matsoho a malelele, se mmala o leeba, (R69,99), Pick ,n Pay. Sekipa se sesweu (R79,90), Pick ,n Pay. Dieta tse folete tse mmala o silivera (R160), Rage. Seetswa sa ho tlama moriri se mmala wa silivera (R25,99), Pick ,n Pay. Mokotla o mosehla (R199), Claire's. Sekhafo (R34), Claire's. Masale (R21), Identity.
BONA SESOTHO - April 2008
BONA SESOTHO - April 2008
FESHENE
Bolause bo bosweu bo nang le thae (R240), Foschini. Baki e mmala wa lamunu e matsoho a makgutshwane (R199), Identity. Tuku ya lesela la satin (R30), Foschini. Borikgwe bo bokgutshwane bo bosootho (R79,99), Mr Price. Dieta (R69), Ackermans. Masale a mmala wa lamunu (R29,95), Edgars. Sefaha sa letsoho (R65), Claire's. (Lebanta ke la sebontshi.)
Ha o rate ho arohana le marikgwe a hao a matle a makgutshwane ho fihlela lehlabuleng le tlang" Ke tsena dikeletso: A matle ha a tenelletswe ka dibaki tse bobebe kapa tsona dijesi. A shebahala hantle hape le ka dikausi kapa dibutshi. Ka hoo, o tla boela o a tena hape le nakong ena ya hlwetla.
TSWAKA MEBALA
SETAELE LE KGOKAHANYO: KARIN ORZOL MOTHUSI: ANTOINETTE NEL DITSHWANTSHO: KARL ROGERS SEBONTSHI: KWAKHO WA ICE MODELS MORIRI LE MOKGABISO WA SEFAHLEHO: KRASSI TOMA
Ha diaparo tsa hao tsa ho intsha bosiu di phodile bakeng sa moya o hlabang wa hwetla, batla dijesi tse bobejana tse tla tshwantshetsana le seaparo sa hao sa lehlabula - ha o hloke ho reka tse ntjha tsa mariha. Jesi e matsoho a makgutshwane e ntle hobane e a futhumala mme hape e shebahala hantle.
Top e se nang matsoho e ntle (R199), Edgars. Jesi e nang le dikonopo e mmala o motle (R350), Woolworths. Borikgwe bo bulehileng maotong (R229), Edgars. Mokotla (R169,95), Edgars. Masale (R21), Identity. Reng e mmala wa selivera (R35), Claire's. (Dieta tse phahameng tse ntsho, ke tsa sebontshi.)
BONA SESOTHO - April 2008
BONA SESOTHO - April 2008
FESHENE
Vest e nang le dileisi (R79), Mr Price.
Baki ya denim (R99), Jet. Sekete se mebalabala sa lesela la satin (R170), Identity. Dieta tse phahameng tse tshehla (R119,99), Mr Price. Difaha tsa letsoho (R25 ka seng), Identity. Sefaha se setala se kgabisitsweng (R39,99), Pick ,n Pay. Masale a maholo (R23 sete e tsamayang ka boraro), Identity.
Sekete se mebala e kganyang se tshwantshetsana hantle le baki ya jean ho feta ho se tenella ka top e bobejana ya lesela ha ho phodile. Ho bohlokwa ho ithekela baki e ntle e futhumalang bakeng sa mariha.
TSWAKA MEBALA
DIAPARO
ACKERMANS: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-476-7379 CLAIRE'S: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-784-2752 EDGARS: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-770-3900 FOSCHINI: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-476-4300 IDENTITY: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-476-3691 JET: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-770-3866 MR PRICE: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-476-7397 PICK 'N PAY: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 083 349 2803 RAGE: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-478-0350 WOOLWORTHS: Mabenkeleng ohle naheng ena. Ditlhalosetso 011-290- 1011
Baki e bobejana e telele, o tlameha ho ba le yona selemong sena. Hlwetla, sekipa se matsoho a malelele se setle bakeng sa ho tenella ka sona ka hare, athe ha mariha a loela, o tenelle ka sekipa sa polo neck kapa jesi e futhumalang. Lebanta le ntlafatsa tjhebeho mme o ka tena jwalo mosebetsing kapa meketeng ya bosiu. Ke diaparo tse ka tenwang hohle mme ho a totobala hore ke tsa bohlokwa!
Sekipa se sesweu se nang le matsoho (R79,90), Pick ,n Pay. Jean (R119,99), Mr Price. Lebanta le kang letlalo la noha (R35), Edgars. Katiba (R70), Foschini. Baki e telele R199), Pick ,n Pay. Dieta tse ntsho (R69), Ackermans. Sefaha (R149), Edgars.
BONA SESOTHO - April 2008
