sotho.634.yourlifeguide_legal
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: hobaneng khampane o e kolotang e sa tlameha ho nka thepa ya hao haeba o sa kgone ho lefa
NKA KGUTLELWA KE THEPA YA KA-
Ke na le kgwebo mme ke ne ke hloka dikhomputara ho boloka dintlha tsa kgwebo ya ka. Ka lebaka lena, ke ne ke adime tjhelete khampaneng e adimanang ka tjhelete hore ke reke dikhomputara.
Khampane ya ka e ne e be le mathata. Ke ne ye khampaneng ena ya tjhelete mme ka ba hlalosetsa mathata a ka. Ba ne ba tla lelefatsa nako ya ho lefa, ba theole le ditefello tsa kgwedi.
Ke ne ke nahane hore dintho di ntse di ya ka theko ho fihlela matsatsing a mmalwa a fetileng ha ke ne ke fumana dikhomputara tsa ka kaofela di le siyo kantorong. Eitse ha ke letsetsa khampane ena ya ditjhelete, ba ne ba mpolelle hore dikhomputara tseo e ne e se tsa ka, e tla ba tsa ka ha ke se ke qetile ho lefa mme le tumellanong ho ngotswe hore ba ka nka dikhomputara leha e le neng feela ha ke sa lefe.
Dintho tsena kaofela di tumellanong, empa ke ne ke sa lebella hore ba ka etsa ka mokgwa ona. Dintlha tsa khampane ya ka kaofela di dikhomputareng - nka e fumana jwang tjhelete ya ho di lokolla-
KELETSO YA SCORPION
Re bona e ka khampane ena ya ditjhelete ha e a etsa toka. E ne e tlameha ho o romella lengolo le tsekang tjhelete ya bona mme ka mora moo, e o romelle samane.
Samane ena e ne e tla o neha dikgetho tse pedi - ya hore o lefe sekoloto ka botlalo, kapa le etse tumellano ka mokgwa o itseng wa ho lefa sekoloto seo.
Ka mantswe a mang khampane ena e ne e tlameha ho o hlokomedisa pele mme le wena o shebe ditsela tsa ho itshireletsa.
E nngwe taba e mpefatsang maemo, ke hore o ile wa ba tsebisa ka maemo a hao!
Hape khapmane eo e hloka tumello ya lekgotla la dinyewe ho ka nka thepa ya hao.
Ke a dumela hore dikhomputara e ntse e le tsa yona, ka mantswe a mang, leha o sebedisa dikhomputara, empa ha se tsa hao, ke tsa khampane ena.
Ba ka dumellwa ho o amoha tsona haeba ba hlahisa bopaki ba hore o ne o di senya kapa o ikemiseditse ho di senya. Ho a hlaka mona hore wena o ne o sa ikemisetsa ho etsa jwalo. Jwalo ka ha o bolela, o hloka dikhomputara tseo hore o kgone ho etsa tjhelete o tsebe ho lefa sekoloto seo sa bona.
Ho sa natsehe hore tumellano e reng, khampane ena e entse phoso.
Pele o ka etsa matsapa a ho lefa, o tlameha ho fumana dikhomputara tseo.
Taba ya hao e bobebe, fumana leqwetha le tla o thusa. [s]
BALA TUMELLANO KA HLOKO E KGOLO!
Ka mora ho utswetswa koloi, ke ne ke kenye tseko khampaneng ya ka ya inshorense. Jwale ba mpolella hore ke entse bobodu jwalo ka ha ke sa ba bolella hore mapolesa a ne a e fumane koloi ya ka. Koloi ena e ne e fumanehe ke se ke tlatsitse diforomo tsa tseko. E nngwe taba koloi eo e ne e fumanehe e se e retlilwe e fedile, mme ka bona hore mona ke ne ke tlameha ho fumana koloi e phetseng jwalo ka ha ke ne ke ntse ke lefella inshorense ya ka.
Jwale ba mpolella hore ke tlameha ho kgutlisetsa tjhelete ya inshorense mme ke tswelepele le ho lefella koloi jwalo ka tlwaelo. Nka etsa jwang ho tswa mathateng ana-
KELETSO YA SCORPION
Ka bomadimabe inshorense ya hao e nepile tabeng ena. O ne o tlameha ho e tsebisa hore koloi e fumanwe ka mora ho o lefa. Leha o ne o sa rate ho ba ferekanya, empa o ke se itshireletse ka seo. Re boetse hape re ipiletsa ho babadi ba BONA hore ba badisise dintlha le dipehelo tsa ditumellano tsa bona pele ba saena.
KELETSO YA MOLAO
SE NKILWE KE DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
