sotho.632.parenting (2)
Botswadi
tataiso ya ho hodisa bana hantle
BONA SESOTHO - September 2006
Bofubedu bo
NTHO ya pele e nahanwang ke moimana ha a eya nakong, ke ya hore: "Jowe, ke a senyehelwa." E, dinako boimaneng ke sesupo sa mathata, empa ha di bolele hore o se o senyehelwa, dingaka di ka nna tsa thusa.
A mangata mabaka a mang a etsang hore moimana a ye nakong. A tlwaelehileng haholo ke ana:
Dinako tse tlang dikgao
Hona ho ka etsahala ho tloha matsatsing a tsheletseng ho ya ho tse 10 a pele a boimana. Ho bakelwa ke ha lehe le nontshitsweng le kena ka popelong.
Eba dinako tse tlang hanyenyane empa ekare ke dinako tsa nnete. Di iphella ntle ho mathata a letho mme basadi ba bangata ha ba re letho ka taba ena hobane ba ebe ba so hlokomele le hore ba imme.
Tshwaetso
Ho kenwa ke tshwaetso sethong sa bosadi kapa ke mafu a mang a neheletsanang ka thobalano, ho ka nna a etsa hore moimana a ye nakong. Leha ao mathata e le a sa tsamaisaneng le boimana, empa le ona a ka nna a ruruhisa ditho tsa botho mme ho qetelle ho tswile madi.
Ho senyehelwa
Ana ke mathata a kgathatsang haholo batswadi ba lebelletseng masea haholoholo dibekeng tse 12 tsa pele. Hangata dinako tsa teng di tla ka matla mme di tsamaisana le dikerempe.
Ke hona mona moo ho hlokahalang ngaka, ke ka hona ho sa hlokahaleng hore motho a a iphapanye. Leba ngakeng kapa tliliniking e haufi ho ya kopa thuso.
Lesea le holela lelaneng
Hantle jwalo ka ho senyehelwa, dinako tsa teng di tsamaisana le dikerempe. Hona ho etsahala maqalong a boimana. Ke sesupo sa hore lehe le nontshitsweng le holela hosele, kantle ho popelo - hangata le ba ka hara Fallopian tube.
Lehe leo le tabola lelana ke ka hona ho tswang madi. Ke maemo a behang bophelo kotsing mme a hloka thuso ya dingaka.
Mathata a lelana
Ho etsahala dikgweding tsa ho qetela tsa boimana, lelana le a taboha (ka nako eo le sisinyehang moo le neng le dutse teng). Ana ke maemo a kotsi ao ka nako e nngwe moimana a lokelang ho ya robatswa sepetlele nakwana.
Thuso e kotjwa neng
Ho tswa madi boimaneng ho tlwaelehile, ha ho tshose mme hangata ha ho nke nako e telele. Ho ya nakong ka ho feletseng dibekeng tse 12 tsa pele tsa boimana, ke sesupo sa mathata a ho senyehelwa, ka hoo a hloka ho ya dingakeng di tloha feela.
Ho ya nakong dikgweding tsa ho qetela tsa boimana ho behwa dingakeng hobane ke sesupo sa mathata. Hangata masea a ka nna a pholoswa.
Ho ya nakong o imme e ka
nna ya ba sesupo sa mathata
empa ha se hore o se o senyehelwa, dingaka di
ka nna tsa thusa ...
Ya bomme le bontate....
tshosang
mathwaso a selemo
Boithabiso ba
MARIHA a a fela jwale, ho a futhumala! Banana le bashanyana ba tla etsang"
Natefelwa ke maemo ana a lehodimo a matle! Ke nako ya ho bapalla kantle. Letsatsi le na le Vitamin D, hape ho na le dintho tse ngata tse thabisang kantle.
O ka sesa ha o le lehlohonolo heno ho ena le letamo. Athe ha le le siyo, batswadi ba ka tsamaya le bana ba bona ho ya sesa letamong la setjhaba.
Ho na le balebedi hohle le ba pholosang maphelo metsing, ke ka hona o lefiswang tjhelete e nyenyane feela.
Athe ha o dula haufi le lewatle teng, o ka ya le bana ba hao teng. Empa qala ka ho netefatsa hore bana ba tseba ho sesa pele o ka ba dumella ho kena ka metsing ba le bang.
Ha ba sa tsebe ho sesa teng, ba bapalle lehlabatheng. Bapalang dipapadi tse ding. Le ka bapala ha monate le le lelapa kapa bana ba ka nna ba thabela ho ba le bana ba bang, ka hoo, ba ngodise sehlopheng sa bolo kapa se seng sa boithabiso.
Bontate ba ka sebedisa monyetla ona ho ipha nako ya ho dula le bana ba bona. Ba etse seo leha dikolo di butswe. TV ha e mpe hakaalo. E na le mananeo a matle a thuto. Takalani Sesame e hapile dikgau tse ngata tsa matjhaba ka thuto ya yona baneng ba banyenyane. Fumana lethathama la mananeo a TV o bone mananeo a mang ao bana ba hao ba ka a shebellang ntle ho dipopae.
BONA SESOTHO - September 2006
ka NONHLANHLA KHUMALO
u
t
tsa hoseng
HO a hlomola ho bona lesea le qala ho medisa. Le tefiswa ke ho opelwa empa le ke ke la phonyoha mathateng ana hobane ke karolo ya ho hola. O ke ke wa thibela mahloko ana empa o ka a kokobetsa.
Ka moo o hlokomelang ha lesea le medisa
Masea a mang ha a kgathatswe ke ho medisa hohang athe a mang a ba le pelo e ntsho. Le la hao lesea le tla bontsha hore ha le a tshwareha hantle le tefe, le hlafune leha e le eng feela.
Thethefatsa mahloko
Rekere ya ho medisa: Ntho ya pele mohlomong eo o e nahanang ke ho mo rekela rekere e mona ya ho medisa. E tla mo thusa ha a e hlafuna mme tse ding tsa tsona di ka bolokwa ka sehatsetsing. Hopola hore e dule e hlwekile, o e kenye le mokedikeding wa ho bolaya dikokwanahloko.
Jele ya ho medisa: Botsa rakhemesi wa hao ka jele ena e thethefatsang mahloko a ho medisa. Mefuta yohle ya tsona e bolokehile maseeng.
Ntho e batang: Erekaha lesea le pelo e ntsho, le ka nna la thabela dijo tse batang. Ntho efe kapa efe e batang e thusa ho thethefatsa mahloko mareneneng. Leha o mo fa tholwana, qala ka ho e batisa pele ka sehatsetsing.
A dule a omme: Masea a dutla diqenqe ha a medisa. Mo tentshe bibi hore a se be metsi mme o mo tlotse le ka Vaseline molomong le seledung hore a se be le mafafatsane.
Ho medisa
BONA SESOTHO - September 2006
Bohlokwa ba dijo
HOSENG re ba maphathephathe hona hoo re qetellang re lebetse dintho tsa bohlokwa. Ha e nngwe ya tsona e le dijo tsa hoseng, o lokela ho hlophisa ka mokgwa o mong.
Ditsebi tsa dijo le tsa kalafo, di dutse di re hlokomedisa hore dijo tsa hoseng ke tsona tse bohlokwa ho di feta kaofela. Di thusa ngwana hore a be le matla a hlokehang hore a tsebe ho ithuta, ho bapala le ho labalabela tsebo.
Dijo tsa hoseng di lokela ho ba le carbohydrates e ngata ho matlafatsa mmele. Matsatsing ana ho bonolo ho netefatsa hore bana ba hao ba ja dijo tsa hoseng ntle le hore o phehe ka thata. Cereal e nang le lebese, e fa ngwana phepo e lekaneng hore a dule a le tjhatsi ho fihlela ka nako ya dijo tsa motsheare.
O ka boela wa ba fa ditholwana le yogurt. Lesheleshele le futhumetseng la phofo ya poone kapa ya mabele le na le phepo e ntle ya ho matlafatsa mmele ya bohle. Dipatlisiso di bontshitse hore batho ba bangata ba sa ntse ba eja jwalo ka bongwaneng - ha o ne o sa je hoseng, ha o tjhentjhe. Hona ho etsa o je diseneke tse nang le tswekere e leng se etsang o qetelle o nonne tlolo ya molao.
... ha ho a lokela ho ba bohloko
Ya bomme le bontate....
u
BONA - September 2006
BONA - September 2006
t
Pale ya
DINGAKA le baoki ba kgothalletsa baimana ho nwa dipidisi tse nang le folic acid. Empa na o fela o tseba molemo wa tsona boimaneng"
KE ENG" Folic acid ha e tshabehe jwalo ka ha e nahanelwa hape ha se moriana wa kalafo e itseng empa e le dipidisi tse nang le phepo e phethahetseng. Folic acid ke e nngwe ya dipidisi tse fumanehang hara tsa Vitamin B hape e boetse e fumaneha dimeleng. Di bohlokwa bakeng sa kaho ya disele tsa mmele wa lesea, e leng se etsahalang dibekeng tse 28 tsa boimana.
HOBANENG O E HLOKA" Folic acid e ka thibela kgolofalo ya lesea ka nako eo le belehwang jwalo ka ho lemala ha lesapo la mokolla. Dipatlisiso di bontshitse hore folic acid e thusa ho fokotsa menyetla ya ho senyehelwa, ho beleha pele ho nako, le ho beleha lesea le lenyenyane ho feta, mathata a lefu la pelo le kankere.
O DI NWA NENG" Folic acid e molemo bophelong ba hao o imme kapa tjhe. E bohlokwa haholo kgweding ya pele ya boimana ka nako ena eo le wena o so kang o hlokomela hore o imme. Ha o rera ho ba le ngwana, ho bohlokwa hore o qale hona jwale ho nwa dipidisi tsena ho tlatseletsa phepo.
Buisana le ngaka ya hao kapa rakhemisi mme o utlwe ka moo o lokelang ho di nwa ka teng. Dipidisi tsa mefuta e meng tsa di-multivitamins tsa basadi di entswe ka folic acid, ka hoo, bala pakana ya yona pele o reka.
DI KENYE DIJONG TSA HAO!
Ha o sa nwe dipidisi tsa divitamin tse nang le folic acid, ho bohlokwa ho ya ngakeng ha o sa ikutlwe hantle. Mohlomong o imme mme hoo ho tla o thusa o phakise o qalelle ho di nwa.
O ka boela wa ja dijo tse nang le folic acid ka ho ja tse phepo e phethahetseng tse kenyeletsang le meroho e metala, lebese, nama le dijo tse dithollo. [s]
folic acid
Ya bomme le bontate....
