sotho.631.Loyiso lifestyle
Bophelo bo monate le BONA
Ho Loyiso bophelo bo monate ka ho reka dieta feela, ditshupanako - le mmino...
BONA SESOTHO - December 2006
Re lapeng la
HO NTSE ho totobala hore naledi ena ya kwaito, eo hape e leng sebapadi, Loyiso "Chippa" Mangena ha a swaswe ha a re o rata dintho tse ntle. O qadile ka ditshupanako. Di robong, ha re di bala, di bitsa ho tloha ho R5 000 ho ya ho R18 000.
Tseo a di ratang haholo ke tsa Raymond-Weil le Bulgari. "Ke rata tsa Raymond haholo hobane di entswe ka kgalase," ho bolela Chippa. Athe ya Bulgari yona e ne le mpho ya letsatsi la tswalo e tswang ho moratuwa wa ka Glodean Kenny, moeletsi wa tsa ditjhelete wa bankeng.
Ha latela dieta...sebini sena se na le dipara tse 39! Na ebe o kgona ho di rwala kaofela" "Ke rekile tsa Gucci mme ha ke so fumane le nako ya ho di rwala ho fihlela lena," ho bolela yena.
O rata diteki tsa moetso wa Matadiana. Tse mmala o motsho di mo bitsitse R5 000. Dieta tsa Mangena di tletse ka diphaposing tse pedi tsa ho robala.
"Ha ke iketse le nna, ke futsitse ntate," o boletse jwalo a etswa a kena le rona motseng wa hae o motle wa Joburg. Ntatae ke sebapadi sa bolo sa mehleng, Mike "Sporo" Mangena.
Glodean le Chippa ba ne le mora, Loyiso Junior (1), eo ba mo bitsang LJ. Leha baratani bana ba sa ikemisetsa ho dula mmoho pele ho lenyalo empa Glodean o na le tshusumetso e kgolo lapeng lena.
"Ke nna ya kgethileng mebala ya ketjheneng le ya phaposing ya ho robala, Chippa yena a kgethile ya phaposing ya ho phomola mmoho le fenetjhara," ho bolela yena.
Ditshupanako le dieta ha se ho fela ha dintho tse ratwang ke Chippa. "Ke na le maikemisetso a maholo le ditoro," ho bolela yena.
"E, ke sebini sa mmino wa kwaito empa ke ikemiseditse haholo ka kgwebo." O tswile ho Backstage hobane a batla nako ya ho shebana le kgwebo mme jwale ke mookamedi wa khampane ya ho aha hape o na le seabo le kgwebong ya tsa dipalangwang.
O kena le tlhahisong ya mmino. "Ke batla ho itaola," o boletse jwalo - o ka utlwa le ka albamo ya hae e bitswang Biznis As Usual.
Ka mafelo a beke Chippa o phetha nako le Glodean le LJ.
O rata ho pheha mmoho le moratuwa wa hae. "Ke rata ho pheha nama ya nku. Ha o ka utlwa dijo tsa ka, o tla dula o lapa ha o mpona," ho bolela yena. [s]
Chippa Mangena
BONA SESOTHO - December 2006
1. Sebini sena se na le dipara tse 39 tsa dieta!
2. Tse ding tsa ditshupanako tsena di bitsa ka hodimo ho R10 000!
3. "Ke futsitse ntate," ho boletse Chippa.
4. Chippa o tswile ho Backstage hore a tsebe ho shebana hantle le kgwebo - ke mohato o motle haholo oo!
5. Chippa le Glodean le Loyiso Junior.
6. Loyiso o rata dipapadi tsa khomputara.
7. Chippa le mora wa hae ya nang le selemo, LJ.
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MORAKE
