Kopo ya motho ya tjhonneng ya ho busetswa madulong
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya motho ya tjhonneng ya ho busetswa madulon
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le ho hlokahala
Lefa la mofu
Kopo ya motho ya tjhonneng ya ho busetswa madulon
Kopo ya motho ya tjhonneng ya ho busetswa madulong
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Motho ya tjhonneng ke mokoloti eo leruo la hae (dintho tsohle, ho kenyeletsa le tjhelete, tseo a nang le tsona) di ba tlasa kgapo ka molao (di behuwe tlasa taolo ho fihlela molato o lefshwa). Ha o nyetse/nyetswe ka kopanelo ya propati mme molekane wa hao a tjhona, Insolvency Act, 1936 (Molao wa ho Tjhona), o nka hore le wena o ya tjhonneng.
Ha motho ya tjhonneng a batla ho tadingwa jwalo ka ya seng a sa tjhona nakong ya dilemo tse leshome a neng a phatlaladitswe a tjhonne, a ka etsa kopo ya ho busetswa madulong.
Ke mang ya ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?
motho ya tjhonneng ka boyena akgente e matlafaditsweng ka molao ya motho ya tjhonneng, ha motho ya tjhonneng a sa dule Afrika Borwa mohlolo kapa mohlolohadi wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati molekane wa mehleng wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati balaodi ba mafa ba leruo la mofu ya tjhonneng.
Ke ka pele hakae ka mora ho hapelwa matla a taolo ya leruo moo motho ya tjhonneng a ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?
Ka nako efe kapa efe:
o hang ha ditseko tsohle tsa ba kolotwang le ditefiso tsa ho hapa taolo di lefuwe ka botlalo kapa o ha motho ya tjhonneng a entse nehelo ya sebopeho e amohetsweng ke dikotara tse tharo tsa batho ba kolotwang ke yena ka palo le boleng, mme motho ya tjhonneng mohlomong a entse tefo kapa a nehelane ka tshireletso.
Ka mora dikgwedi tse tsheletseng:
o ha, nakong ya dikgwedi tse tsheletseng, ha ho ditseko tse ileng tsa pakwa kgahlanong le leruo la motho ya tjhonneng, mme tlasa dipehelo tsa hore:
lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
Ka mora dikgwedi tse leshome le metso e mmedi ho tloha letsatsing leo Master (Molaodi wa Lekgotla le Phahameng) a tiisang ka akhaonte ya pele ya traste ya leruo tlasa dipehelo tsa hore:
o lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le o motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
Ka mora dilemo tse tharo ho tloha letsatsing leo Master a tiisang ka akhaonte ya pele ya traste ya leruo:
o ha motho ya tjhonneng a se a hapetswe matla a taolo ho feta lekgetlo le le leng o empa tlasa pehelo ya hore motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
Ka mora dilemo tse hlano:
o maemong ao motho ya tjhonneng ya ileng a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.
Ka mora dilemo tse leshome:
o ha dilemo tse leshome di fetile, motho ya tjhonneng o tla nkuwa a kgutletse madulong ntle le ha lekgotla le laela ka mokgwa o mong ho latela kopo ya motho ya nang le thahasello. Kopo ena e tlameha ho etsuwa nakong ya dilemo tsa leshome.
Hodimo
Mehato e latelwang
Ha o a tshwanela ho etsa kopo ya ho busetswa madulong ka bowena, empa o tla hloka thuso ya molao.
Hokahana le leqwetha kapa ofisi ya Master ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng le thuso.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Qoqa ka bolelele ba nako ya kopo le leqwetha la hao.
Hodimo
Ditjeo
Qoqa ka ditefiso le leqwetha la hao.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Ha ho diforomo tse tlatswang.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo
Ho nyala tlasa lenyalo la setso
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
