Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Basebedisi bohle ba metsi, ba sa fumaneng phepelo ya bona ya metsi ho moabi wa tshebeletso, lekgotla la motse, boto ya metsi, sekimi sa mmuso sa metsi kapa mofepedi e mong ya fanang ka metsi ka bongata, ba lokela ho ngodisa tshebediso ya bona ya metsi le Lefapha la Ditaba tsa metsi le Meru Department of Water Affairs and Forestry DWAF. Basebedisi bana ba lokela hore e be e le batho ba sebedisang metsi bakeng sa:
ho nosetsa merero ya ho rafa tshebediso ya indastering ho fepa ka bongata tshebediso efe kapa efe e nngwe e boletsweng Tumellong e Akaretsang ka ho ya ka dipehelo tsa Karolo ya 39 ya Molao wa Naha wa Metsi wa 1998.
Tshebediso e nngwe ya metsi e lokelwang ho ngodiswa e kenyelletsa:
o ditshila tse ntshuwang tsa metsi kapa metsi a nang le ditshila o ho fapohisa dinoka kapa melatswana kapa ho fetolwa ha mabopo kapa dibopeho tsa metsi.
Polokelo - Motho ofe kapa ofe kapa mokga o bolokang metsi bakeng sa morero ofe kapa ofe (ho kenyelletswa ho nosetsa, phepelo ya ka tlung, tshebediso indastering, ho rafa, ditlwaelo tsa metsi, ho tshwasa ditlhapi, dipapadi tsa metsing, boleng ba tsa bokgabo, tshimong,jj.) ho tloha sebakeng se ka hodimo moo a mathang teng, metsi a tswang ka tlase kapa a phallang ka motswedi a fetang 10 000 cubic meters kapa moo sebaka sa metsi se nang le phepelo e felletseng ya boemo bo fetang 1 hectare ka paloyohle mobung oo e leng wa motho eo kapa mokga oo, mme a se na phemiti kapa tumello.
Mesebetsi e fokotsang phallo ya melatswana (Afforestation) - Di-afforestation tsohe (ho lema difate) bakeng sa merero ya kgwebo, ho kenyelletswa le meru e kopanetsweng bakeng sa dipoelo tsa kgwebo, tse bileng teng pele ho 1972, di lokelwa ho ngodiswa Beng ba meru ba nang le diphemiti tseo ho fanweng ka tsona tlasa Molao wa tsa Meru, 1998 (Molao wa 84 wa 1998) ha ho hlokehe hore ba ngodise, ka ha re tla ba romela ditokomane tse tlatsitsweng tsa ngodiso, hore ba di fetole ha ho hlokeha, ba saene e be ba di kgutlisetsa lefapheng.
Tshebediso ke makgotla a metse le baabi ba bang ba metsi a mangata ka mehlodi ya bona ya metsi le mesebetsi ya tlhwekiso.
Mesebetsi e laolwang, e jwalo ka ho nosetsa, tlhahiso ya matla, ho fetolwa ha atemosefere kapa ho ritjhatjha aquifer.
Hodimo
Mehato e latelwang
Hlwaya tshebediso e nepahetseng ya metsi mme.
O iteanye le ba ofisi ya lebatowa e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
O tlatse diforomo tse tshwanetseng ka thuso ya moofisiri wa lebatowa .
Romela diforomo ofising e haufi ya lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru mmoho le ditokomane tsena tse latelang:
o dintlha tsa mokopi.
o thepa eo metsi a sebediswang ho yona o dintlha tsa monga thepa.
o phatlalatso ka mokopi.
o phatlalatso ka monga thepa.
o tlhahisoleseding e mabapi le Ditshupamelato.
o khopi e tiiseditsweng ya tokomane ya boitsebiso.
o khopi e tiiseditsweng ya lengolo la ho paka hore o monga thepa.
o khopi e tiiseditsweng ya tumellano ya llisi.
o lengolo le bontshang ho tsamaelana le ditlhoko bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng tseo ho entsweng kopo ya tsona.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Tshebetso ya ngodiso e tla nka kgwedi e le 1.
Hodimo
Ditjeo
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo tsa kopo di fumaneha diofising tsa lebatowa tsa Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
