Kopo ya ho ngodisa yunione ya basebetsi kapa ya boramesebetsi Lefapheng la Mesebetsi
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ho ngodisa yunione ya basebetsi
Kopo ya ho ngodisa khansele ya ditherisano
Kopo ya ho ngodisa khansele ya ditherisano
Kopo ya ho hloma foramo ya mosebetsing
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diyunione le mekgatlo ya boramesebetsi
Kopo ya ho ngodisa yunione ya basebetsi
Kopo ya ho ngodisa yunione ya basebetsi kapa ya boramesebetsi Lefapheng la Mesebetsi
Yunione ke mokgatlo wa basebetsi o kgothaletsang le ho sireletsa dikgahleho tsa ditho tsa yona ditabeng tse jwalo ka tsa meputso le maemo a tshebetso, haholoholo ka ditherisano le boramesebetsi.
Ngodiso ya yunione e wela tlasa taolo ya tshebetso ya Rejistra wa Dikamano Mosebetsing. Ha o batla ho ngodisa yunione, o lokela ho romela hona ho latelang ho Rejistra:
Dikhpi tse tharo tse hatisitsweng tsa molaotheo wa yunione
Lenane le felletseng la bahlanka ba yunione, o bolele maemo a bona kapa mesebetsi eo ba tlilo e etsa
Aterese ya diofisi tse ngodisitsweng tsa yunione
Khopi ka nngwe ya molaotheo e lokelwa ho saenwa ke Mongodi le Modulasetulo jwalo ka dikhopi tsa sebele.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Mesebetsi.
Mehato e lokelwang ho latelwa
Tlatsa dikhopi tse pedi tsa foromo ya kopo.
Hokela dikhopi tsa molaotheo wa yunione (paloyohle ya ditokomane tse hlano) foromong ya kopo e tlilo romelwa ho Rejistra.
Khopi ka nngwe ya molaotheo e lokelwa ho saenwa ke Mongodi le Modulasetulo jwalo ka dikhopi tsa sebele.
Posa kapa o romele ka fekse kopo ho Rejistra wa Dikamano Mosebetsing.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka matsatsi a ka bang 30 ho ngodisa yunione.
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
