Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho ngodisa lehae la batho ba tsofetseng
Ho ngodisa lehae la tlhokomelo ya bana
Kopo ya ho ngodisa lehae la maqheku
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ho qala mokgatlo kgwebo
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Mekgatlo e sa etseng dipoelo ke dikhampani tse ngodisitsweng hore di fane ka ditshebeletso kapa di ntshetse pele dikgahleho tsa setjhaba, me maikemisetso a tsona e se ho etsa dipoelo. Bongata ba di-NGO (non-government organisations) e leng mekgatlo e seng tlasa mmuso, mekgatlo ya bodumedi le ya thekolohelo e wela tlasa sehlopha sena.
Ka kakaretso mekgatlo e sa etseng dipoelo e fana ka ditshebeletso baahing ba fapaneng ba jwalo ka dikimi tse fepang bana, mekgatlo e hlokomelang dikgutsana tsa AIDS, mekgatlo ya bodumedi, jj. Tjhelete efe kapa efe eo ba e etsang ka mora ho lefela ditshenyehelo tsa bona tsa tshebetso, e sebedisetswa ho atolosa ditshebeletso tsa bona.
Mekgatlo ena hangata e fumana dithuso tsa ditjhelete tsa dineelo le ditjhelete tse tswang dinaheng tse ka ntle, mme yona e ngodisitswe ka ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa Dikhampani, 1973 (Molao wa 61 wa 1973). Khampani ya Karolo ya 21 e lokela ho ba le bonyane ditho tse supileng le bonyane balaodi ba babedi.
Jwalo ka ha tshebetso ya ho ngodisa mokgatlo o sa etseng dipoelo e le o rarahaneng, ho kgothaletswa hore ho fumanwe ditshebeletso tsa maqwetha. Ho tshwanetswe hore ho hlahiswe Memorandum le Articles tsa khampani mme di lokiswe ka mokgwa o tla tsamaelana le khampani ntle le share capital di tiisetswe ke notary public eo e leng profeshenale ya molao.
Mehato e latelwang
Iteanye le ba Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Tlatsa mefuta e fapaneng ya diforomo tse tshwanetseng tsa kopo tse fumanwang lefapheng la Kgwebo le Indasteri. Lenane la diforomo tsa kopo le mona ka tlase.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka matsatsi a fihlang ho a mahlano ho sebetsa kopo ya hao.
Ditjeo
Peeletso ya lebitso: R50
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
