Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ngodiso ya institjhushene ya poraefete ya
Kopo ya ho beeletsa lebitso la khampani ya ba mmal
Kopo ya ho lokisa tlhahisoleseding ya mokgatlo wa
Kopo ya ngodiso ya sekimi sa bongaka
Kopo ya ho fetola khampani ya ba mmalwa CC ho ba k
Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete
Kopo ya ho ngodisa khampani ya kantle
Kopo ya ho ngodisa khampani ya bohle
Mekgatlo ya Tshireletso ya Mollo
Kopo ya ngodiso jwalo ka akgente ya CIPRO
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ho qala mokgatlo kgwebo
Ngodiso ya kgwebo
Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete
Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete
Khampani e poraefete ke seahelo sa kgwebo seo beng ba sona e leng beng ba diabo mme diabo tsa bona di ke ke tsa rekisetswa setjhaba. Ho ya ka Companies Act, 1973, (Molao wa Dikhampani, 1973) khampani e poraefete e tlameha ho ba le beng ba diabo ho tloha bonyane ho a le mong ho ya ho ba 50. Hangata beng ba diabo ba bitswa balaodi bakhampani.
Dikhampani tse poraefete tse ngodisitsweng di nehwa boemo ba Proprietary Limited (Tokelo ya Leruo e Lekanyeditswe) kapa "(Pty) Ltd".
Mokgwatshebetso wa ngodiso ya khampani ya bohle kapa e poraefete o kenyeletsa ditshebetso tse tebileng. Ka lebaka la marangrang a mekgwatshebetso e kenyeleditsweng, ditshebeletso tsa maqwetha di tlameha ho sebediswa tshebetsong ya ngodiso.
Tlatsa diforomo tse latelang:
CM22 (dikopi tse pedi) - Nehelano ya matla ya sebaka le aterese ya poso e ngodisitsweng
Nehelano ya Matla a Boemedi - Tsebiso ya ho sebetsa lebitsong la bakopi
CM29 - Tlaleho e fupereng dintlha tsa balaodi, diofisiri
CM31 - Kamohelo ya ho sebetsa jwalo ka mohlahlobi wa dibuka
CM46 - Kopo ya setefikeiti sa ho qadisa kgwebo mmoho le R60 e kentsweng khoutung ya moreki wa tshebediso
CM47 (ya molaodi ka mong) - Tlaleho ya balaodi mabapi le ho lekana kapa ho se lekane ha tjhelete ya sethatho ya seabo
Tlatsa memorandamo le mabaka a mokgatlo
Lefa tefo e balletsweng.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka matsatsi a mahlano ho ngodisa khampani e poraefete.
Ditjeo
R5 - bakeng sa diabo tse ding le tse ding tse 1 000 tse ntshitsweng.
Paloyohle - R465
Dinthla tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
