Kopo ya ho ngodisa moralo
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ngodiso ya tshireletso ya seqatjwatlhahiso
Kopo ya ho ngodisa letshwao la kgwebo
Kopo ya ho ngodisa tokelo ya boqapi
Kopo ya ho ngodisa moralo
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Boqapi ba kelello
Ngodiso ya boqapi ba kelello
Kopo ya ho ngodisa moralo
Kopo ya ho ngodisa moralo
Hantlentle "moralo" ke ho bua mabapi le sebopeho le makgetha a hapang leihlo. Meralo e meng e susumetswa ke tshebediso mme e meng ke bokgabane.
Kahoo moralo o mabapi le sebopeho, mokgwa, tjhebahalo, paterone, mokgabiso le kaheho ya sehlahiswa kapa ntho. Ho etsa mohlala, moralo wa reng (lesale la monwana) (lebenyane) ka bophara o laolwa ke makgetha a bokgabo.
Ho na le mefuta e mmedi ya meralo e ka ngodiswang, ho itshetlehile hore e kgotsofatsa ditlhoko tse behilweng mona ka tlase:
Moralo wa bokgabo tshwanela ho ba motjha mme e be wa sethatho;
tshwanela ho ba le botle sebopehong sa ona, kaheho kapa mokgabiso; mme tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.
Moralo wa tshebetso tshwanela ho ba motjha mme e se ka ba o tlwaelehileng;
tlameha ho ba le sebopeho kapa kaheho e hlokwang ke tshebediso; mme tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.
Tshireletso ya meralo ya bokgabo e nehelwa nako ya dilemo tse 15, mme ya meralo ya tshebetso e ba dilemo tse 10.
Leha ho se na tlamo ya ho etsa phuputso ho hlahloba setso sa moralo kapa ho etsa bonnete ba hore ke moralo o le mong kapa moralo o tshwanang ha o so ka o ngodiswa pele, ke bohlale ho etsa jwalo pele o kenya kopo. Phuputso e ka etsuwa ho Design Registry Office (Ofisi ya Ngodiso ya Moralo) Pretoria.
tlameha ho e etsa ka bowena kapa e etsuwe ke akgente, jwalo ka leqwetha la tokelo ya ho etsa sehlahiswa.
Hang ha moralo o amohetswe jwalo ka o motjha mme o ngodisitswe, o tla nehwa setefikeiti sa moralo.
Meralo e a ntjhafatswa jwalo ka mora dilemo tse tharo.
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya kopo ya moralo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho latela nako ya dikgwedi tse tsheletseng, ho etsuwa ditshebetso tsa tlhahlobo tse molaong mme hangata ngodiso ya moralo e a nehelwa kgweding ya bosupa.
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
