Ngodisa sekepe sa ho tshwasa ditlhapi
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Ngodisa sekepe sa ho tshwasa ditlhapi
Kopo ya ho rejisetara sekepe se tshwasang dihlapi
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Sekepe se tshwasang dihlapi ke sekepe se reretsweng mosebetsi wa ho tshwasa le ho tsamaisa tsohle tse tshwaswang metsing kapa ho tshehetsa mesebetsi yohle e tsamaellanang le ho tshwasa dihlapi. Sena se kenyeletsa sekepe sefe kapa sefe se thusang dikepe tse ding tse tshwasang dihalpi lewatleng ho latela tumello, ho kenyeletswa, leha sena se sa felle moo feela, ho hlophisa, fepela, ho boloka, ho boloka sehatsetsing, ho thothwa ha hlapi le ho sebetswa ha yona. Sekepe se jwalo se lokela ho dumellwa ke ba Taolo ya Polokeho ya Dikepe Lewatleng African Maritime Safety Authority SAMSA mmoho le Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi Environmental Affairs and Tourism.
Ha ho sekepe se tla rejisetarwa ebang ho sena tumello le phemiti ya ho tshwasa dihlapi.
Hodimo
Mehato e latelwang
Etsa dihlophiso hore sekepe se kenele diteko tsa polokeho tse etswang ke SAMSA mme kamora moo SAMSA e tla ntsha setefikeiti. Setefikeiti seo se lokela ho tsam,aya le kopo ya ho rejisetara sekepe.
Tlatsa foromo e hatisitsweng mme o sebedisa ditlhaku tse kgolo feela, mme moo ho hlokehang o fane le ka mabaka
Fana ka lesedi lena le latelang:
o lebitso la sekepe seo o lebitso le dintlha tsohle tsa monga sekepe (ho kenyeletswa le thuo ya dishere)
o botelele ba sekepe o matla a enjine le boholo ba sekepe o folaga ya naha eo sekepe se ngoditsweng teng (ebang sekepe seo se hirilwe kapa se laolwa ka kopanelo le motho eo e seng moahi wa Afrika Borwa)
o setefikeiti sa Taolo ya Polokeho Lewatleng.
Nehelana ka foromo ya hao ya kopo mmoho le tumello ya hao ya ho tshwasa dihlapi le konteraka eo o nang le yona le monga sekepe ebang e se wena monga sekepe seo.
Hlalosa nako le lekala leo sekepe seo se tla tshwasa dihlapi ho sona.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Kopo e ka nna ya nka matsatsi a mararo le ho feta, ho ya kamoo kopo e entsweng kateng.
Hodimo
Ditjeo
Ditjeo di fapana ho ya ka botelele ba sekepe.
Botelele ba sekepe
Tefello ya jwale
Ho feta 20m
Sekepe sa maqhubu a maholo a lewatle
Tjhelete ya Kopo: R125
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
