Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho kopa komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Dikamano mosebetsing
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Mamelo ya poelano ke tshebetso eo ho yona mokhomishenara (kapa panellist, khanseleng ya ditherisano tse kopanetsweng tsa boramesebetsi le basebetsi kapa ejensi) a kopanang le bao ba amehang ngangisanong ho fumana ditsela tsa ka moo ba ka rarollang ngangisano ka tumellano.
Tshebetso ya poelano le bonamodi (con-arb) e rarolla ka potlako tshebetso tsa sa lokang tse sebedisitsweng mothong ya mong le ho tebelwa ka tsela e sa lokang, mme hona ho etswa ka mokgwa wa poelano le bonamodi. Tshebetso ena e dumella poelano le bonamodi hore e be dintho tse etsahalang jwalo ka tshebetso e tswellang letsatsing le le leng, ha ho hlokeha.
Poelano e rarolla dingangisano ka potlako hape ka tsela e se nang leeme. Tshebetso ya poelano ha se e rarahaneng, ha e je tjhelete e ngata mme hape ha e dumelle hore ho be le boemedi bofe kapa bofe ba molao. Qeto ya ho rarolla e matsohong a ba amehang.
Kopanong ya poelano ramosebetsi a ka hlaha ka boyena kapa a ka emelwa ke molaodi kapa moseeletsi e mong kapa mokgatlo wa boramesebetsi. Mosebeletsi a ka emelswa ke motho ya tshwereng setulo ofising kapa mohlanka wa yunione e ngodisitsweng ya mosebeletsi.
Ha mokopi a hloleha ho tla mamelong ya poelanonakong e beuweng, taba eo e tla qhalwa. Ha ho ka etseha hore mokopi a batle ho tswela pele, ho ka etswa kopo ya qhellwa thoko ha ho tebelwa hoo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Neha motho e mong ya amehang tabeng ena khopi ya foromo ena.
Bontsha bopaki ba hore khopi ya foromo ena e fuwe motho e mong ya amehang tabeng eo ka ho hokela hona ho latelang kopong ya hao:
o khopi ya setlanakana sa ho rejistara ho tswa Posong o khopi ya rasiti e saennweng ha khopi e isitswe ka letsoho o setatemente se saennweng sa motho ya tlisitseng khopi ya foromo, ho tiisetsa tshebeletso o khopi ya setlankana sa fekse se tiisetsang kapa bopaki bofe kapa bofe ba tshebeletso.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka matsatsi a ka bang 30.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Mesebetsi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
