Kopo ya tumello ya ho ba mokganni wa profeshenale
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya laesense ya ho ithuta laesense ya nakwana ya ho kganna
Kopo ya tumello ya ho ba mokganni wa profeshenale laesense ya ho kganna ho ananya laesense ya ho kganna ya baditjhaba
Ntjhafatso ya laesense ya ho kganna phumantsho ya laesense ya ho kganna bakeng sa e la
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho kganna le ho ithuta ho kganna
Kopo ya tumello ya ho ba mokganni wa profeshenale
Kopo ya phemiti ya mokganni wa borutehi bo itseng
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Phemiti ya mokganni wa borutehi bo itseng ke ya batho bao ho hlokahalang hore ba kganne mefuta e itseng ya dikoloi. Phemiti e ntshwa hodima laesense e tlwaelehileng ya ho kganna. Phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng e sebetsa ho dikoloi tsa mekgahlelo e latelang:
koloi ya thepa, koloi e hulang tse robehileng kapa bese.
dikoloi tsa boima bo fetang dikhilogramo tse 3 500 mme e entswe ho rwala batho ba 12 kapa ho feta (ho kenyeleditswe mokganni).
Dithibelo tsa dilemo tsa mekgahlelo ya dikoloi ke tse latelang:
koloi ya thepa - o lokela ho ba dilemo tse 18
dikoloi tsa bapalami - o lokela ho ba dilemo tse 21
dikoloi tsa thepa e kotsi - o lokela ho ba dilemo tse 25.
O ka fumana phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng haeba feela o na le laesense ya ho kganna e amohelehang ya mofuta wa koloi eo ho buuwang ka yona tiiseditswe o itekanetse ke ngaka tiiseditswe ke mokgatlo o dumelletsweng wa kwetliso (e hlokahala feela bakeng sa mefuta e itseng ya dikoloi)
eso ahlolelwe ho kganna tlasa taolo ya tahi, ho kganna bohlaswa kapa kantle ho tlhokomelo, kapa molato wa morusu mme laesense ya hao ya ho kganna e sa ka ya ntshwa tseleng/kgaolwa nakwana.
Ke dikahlolo tse itseng feela tsa dilemo tse hlano tse sa tswa feta tse ka o thibelang tokelo ya ho fumana phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng. Dikahlolo tse ka hodimo ho dilemo tse hlano di ke ke tsa nkelwa hlohong.
Mosebedisi kapa monga koloi eo phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng e hlokahalang, a ke ke a tlohela motho e mong ho kganna koloi mmileng wa setjhaba, kantle le ha ba e na le phemiti ya ho kganna ya mokgahlelo o loketseng.
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya PD1, (Kopo ya phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng)kganna mme o e ise setsing sa tlhahlobo.
O tla etsa teko ya mahlo setsing sa tlhahlobo.
Hlahisa ditokomane tse latelang:
o bukana ya Boitsebiso (ID), karete ya laesense ya ho kganna, (phasepoto e amohelehang ya Afrika Borwa)
o dinepe tse pedi tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu o laesense e amohelehang ya ho kganna o setefikeiti sa kwetliso (haeba se fumaneha)
o setefikeiti sa Bongaka (se amoheleha feela haeba se sa fete dikgwedi tse pedi)
o phemiti tse ding tsa ho kganna tsa borutehi bo itseng kapa phemiti ya ho kganna ya setjhaba eo o e tshwereng.
Lefa tjhelete e hlokahalang.
Ka mora ho lefa, o tla romelwa seteisheneng sa mapolesa se haufinyana ho kopa pehelo ya kahlolo.
O tla tsebiswa ha karete ya phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng e loketse ho latwa. O tlameha ho kgona ho itsebisa ha o lata karete. Dikarete tse ding le tse ding tse sa latweng matsatsing a 120 di tla tabolwa.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Phemiti e ka loka dibekeng tse robedi ho isa ho tse leshome le metso e mmedi.
Hodimo
Ditjeo
Limpopo
Mpumalanga
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
PD1 (Kopo ya phemiti ya ho kganna ya borutehi bo itseng). Foromoe fumaneha setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Tlhahisoleseding e Amanang le Hona
SABS
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
