Kopo ya tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi
Kopo ya tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Seahelo sa ho lokisa tlhapi (FPE) ke sepalangwang, sekepe, seahelo kapa sebaka moo ho hlahiswang sehlahiswa kapa ntho e itseng ka tlhapi. Sehlahiswa se ka hlahiswa ka mokgwa ofe kapa ofe, o kang ho e seha dikotwana, ho arohanya ditho, ho e hlwekisa, ho e hlopha ka mefuta, ho e beha ka tatelano le ho e boloka.Seahelo hape se kenyeletsa le sebaka moo tlhapi e kenngwang dikotikoting, e pakwang, e omiswang, e tshelwang ka letswai, e kenngwang leqhweng, e hatsetswang, e etsuwang leqhwa kapa e lokisetswa ho rekiswa ka hara Afrika Borwa kapa ka ntle.
Ho kena mosebetsing wa tokiso, o tlameha ho etsa kopo pele ya FPE /tokelo ya ho tshwasa ditlhapi mme e amohelwe.Ho sebedisa tokelo ya ho tshwasa ditlhapi kapa tokelo ya ho tsamaisa FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello e ntjhafatswang selemo le selemo e ntshuwang ke Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaudi Department of Environmental Affairs and Tourism DEA&T.Monga tumello o tlameha ho latela dipehelo tse hlalositsweng tumellong.Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka ba le sephetho sa ho fanyehwa kapa ho fediswa ha tumello mmoho le ho amohuwa tokelo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Etsa kopo ya tokelo ya ho tshwasa ditlhapi feela ha ho le teng memo e tla phatlalatswa Gazetheng ya Mmuso.
Bala ka hloko, o utlwisise mme o etse bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo tsa kopo.
Tlatsa, saena mme o nehelane ka foromo mmoho le ditokomane tsa ho tshehetsa tse tiiseditsweng tse hlokwang mmoho le tefiso e balletsweng e sa kgutleng.
Tshebetso ya ho hlahloba e tla qala ka mora letsatsi la ho qetela la ho amohela dikopo mme diphetho di tla phatlalatswa ka ngollano ke DEA&T. Ha o nehuwe tokelo ya FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello ya ho tsamisa FPE le ho kgotsofatsa ditlhoko pele o nehwa tumello.
Ha tokollo ya FPE e nehelanwe, o tlameha ho etsa kopo ka hoo ya tumello ya ho etsa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Kopo ya tokelo ya FPE e ka nka dikgwedi tse 3 kapa ho feta ho ya ka bongata ba dikopo.Kopo ya tumello ya FPE e ka nka letsatsi le le 1 kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.
Hodimo
Ditjeo
Ditefiso di laolwa ke tjhadimobotjha / tlhomamiso ke Letona la Environmental Affairs and Tourism kapa bolaodi bo thontsweng, tshebedisanong mmoho le Letona la Ditjhelete.
R6 000 - Kopo ya FPE/ tokelo ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
R1 330 mmoho le tefiso ya kopo ya R125 - Kopo ya tumello ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
