Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bomenemene le boqhekanyetsi ba ho betjha ka tjhelete
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong
Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Ho sotlwa ha leqheku
Kopo ya ho kenya tletlebo ka ho hlokahala
Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bom
Thibelo ya Botlokotsebe 08600 10 111
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le molao
Ho tlaleha botlokotsebe
Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bom
Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bomenemene le boqhekanyetsi ba ho betjha ka tjhelete
Lengolo la Boqhekanyetsi la Nigeria le bitswang jwalo hantlentle ke tefiso e tlang pele ya bomenemene. Bomenemene bona bo tsejwa hape jwalo ka "boqhekanyetsi ba 419" mme bo tsamaiswa ke lemenemene, hangata setho sa mokgatlo wa disenyi. (Leha ho le jwalo, ho lokela ho hlokomelwe hore leha boqhekanyetsi bona sethathong bo tswa Nigeria, mekgatlo ya disenyi dinaheng tse ding le yona e se e keneletse).
Boqhekanyetsi bo qalwa ke lemenemene le ikopanyang le khampani e tobilweng, mohlomong ka fekse, ka lengolo kapa ka e-meyile. Ho etsuwa tlhahiso ya kgwebo, hangata ke mokgatlo o iketsang balaodi ba hodimo ba mmuso. Baqhekanyetsi ba tseka hore ba taolong ya tjhelete e ngata e abilweng ho feta tekanyetso, hangata didolara tsa Amerika. Tlhahiso e fupere hore ho fetiswe tjhelete e abilweng ho feta tekanyetso ho ya bankeng e ka ntle ho naha moo boqhekanyetsi bo qalang teng. Motho ya fumanang ngollano ka kakaretso o tshepiswa tjhelete e pakeng tsa 20 le 35 persente ya tjhelete e tla fetiswa jwalo ka khomishene ya ho sebedisa akhaonte ya hae ya banka.
Tjhelete e fumanwa ho moqhekellwa (phofu) ka mekgwa e sehlotshwana:
Moqhekellwa o kotjwa ho kenya tjhelete akhaonteng e kgethehileng ya banka ho thusa ho lefella ditshenyehelo tsa ho phetha tumellano.
Hang ha tefiso ya sethatho e lefuwe, "mathata" a a hlaha a hlokang hore ditefiso tse eketsehileng di lefshwe.
Dinaheng tse ding ho ka hlophiswa phutheho, mme hang ha moqhekellwa a fihla naheng eo, paspote ya hae e a nkuwa mme o bolokwa ho fihlela tefo e lekaneng e amohelwa.
Dintlha tsa banka tse molaong sehloohong sa lengolo di ka sebediswa ho fetisa tjhelete ho tswa bankeng ya moqhekellwa ho ya akhaonteng e tlasa taolo ya disenyi.
Bomenemene ba ho betjha ka tjhelete bo qalwa ke moqhekanyetsi ya ikopanyang le batho ka ho ikgethela feela, hangata ka e-meyile. Moqhekanyetsi o itsebisa jwalo ka molaodi wa Khampani ya Lotari (ya ho Betjha ka Tjhelete) mme o eletsa motho ya hapileng lotari moo motho a so ka a reka tekete. Dinomoro tse atlehileng di a bolelwa ngollanong leha Khampani ya Lotari eo moqhekelli a reng o sebetsa ho yona ho ka etsahala hore e teng mme dinomoro tse boletsweng ke tse atlehileng (ho ya ka moo ho phatlaladitsweng ke khampani), bona ke bomenemene. Ho sebediswa mekgwa e tshwanang ho bomenemene ba 419 ho ntsha tjhelete ho moqhekellwa ya tobilweng.
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le diketso tsena tsa bomenemene tse fumanehang ho website ya South African Police Services (Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa) moo dintlha tse amanang le tshebetso ya sekimu, diponahatso tsa bomenemene bo ka bang teng, mekgwa e fapaneng eo tjhelete e fumanwang ka yona ho moqhekellwa, mmoho le mehato ya temoso, di hlaloswang.
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng e ya ho Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa.
Mehato e lokelwang ho latelwa
Baahi ba Afrika Borwa le badudi:
Ha o fumana lengolo la bomenemene, romela ditokomane tsohle, tlhahisoleseding le ngollano ho Interpol.
Hlalosa ebang "Ha ho Tahlehelo ya Ditjhelete" kapa "Ho na le Tahlehelo ya Ditjhelete" ditokomaneng.
Nehelana ka dintlha tsa dikgokahano le nomoro (dinomoro) tsa founu kapa tsa motho (batho) ba amehileng.
Baahi bao e leng baditjhaba le badudi:
Nehelana ka dintlha tsa banka (ha ho tshwaneleha).
Ha ho na le kamano ya moahi wa Afrika Borwa le tshebetso ya "419", hlalosa ka ho hlakileng dintlha tsohle tse tshwanelehileng.
Nehelana ka dintlha tsa dikgokahano le nomoro (dinomoro) tsa founu kapa tsa motho (batho) ba amehileng.
Melao e sebediswang
Maemo a tshebeletso
South African Police Service e hlomamisa nako ya ho ntsha ditlaleho tsa tswelopele. Ka tlwaelo ditlaleho di ntshuwa jwalo dibekeng tse pedi ho itshetlehile ho maemo a morero.
Ditlaleho tsa tswelopele di ka se romelwe ho batho moo ho sa kang haeba teng tahlehelo ya ditjhelete. Leha ho le jwalo, ho ntse ho le bohlokwa hore Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa e nehwe dikopi tsa mangolo a bomenemene a "419" hore a kenyeletswe ho database ya yona.
South African Consular Officers (Diofisiri tsa Boemedi ba Afrika Borwa) tse ditjhabeng di tla romela ditokomane tsa diketsahalo moo ho nang le tahlehelo ya ditjhelete e etsahetseng ho SAPS nakong ya dihora tse 48 tsa ho fumana ditokomane.
Ditjeo
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Ha diyo, empa ke ntlha ya bohlokwa ho bontsha ditokomaneng ha tahlehelo ya tjhelete e bile teng.
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
