Ho tlaleha kotsi ya mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ho tlaleha lefu le ho tshwarang mosebetsin
Ho tlaleha kotsi ya mosebetsing Letloleng la Ditlh
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Mosebetsi
Ho tlaleha kotsi ya mosebetsing Letloleng la Ditlh
Kopo ya ho tlaleha kotsi e hlahileng mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Hlahang Mosebetsing, 1993, o laela boramesebetsi hore ba tshwanetse ho tlaleha dikotsi tsohle tse etsahalang mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso.
Hodimo
Mehato e latelwang
Boramesebetsi ba lokela ho tlatsa Karolo ya A ya foromo ya W.Cl.2.
Boramesebetsi ba lokela ho tabola Karolo ya B ya foromo ya W.Cl.2 mme ba e nehe ngaka kapa sepetlele hore ba e tlatse ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ba lokela ho romela Karolo ya A ya foromo e tlatsitsweng Letloleng la Ditlhapiso ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ha ho hlokehe hore ba emele Karolo ya B ya foromo hore e tlatswe ke ngaka pele ba romela tleleime. Hang ho ba boramesebetsi ba fumane karolo ya foromo ya ngaka, ba ka e romela le yona.
Ditleleime di ka romelwa ho:
Boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala ya bongaka (W.Cl.4) ka potlako ha ba e fumana ho tswa ngakeng.
Ha mosebetsi a sa kgone ho boela mosebetsing wa hae bakeng sa nako e telele, boramesebetsi ba lokela ho fumana raporoto ya kgetelopele ya bongaka (W.Cl.5) ho tswa ngakeng e be ba e romela Letloleng la Ditlhapiso kgwedi e nngwe le e nngwe.
Ha mosebetsi a boela mosebetsing wa hae hape, boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala hape (W.Cl.6) le raporoto ya ho qetela ya bongaka (W.Cl.5) Letloleng la Ditlhapiso.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Hona ho tla ya ka hore na dintlha di tlatsitswe ka nepo.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Mesebetsi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
