Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ngodiso ya institjhushene ya poraefete ya
Kopo ya ho beeletsa lebitso la khampani ya ba mmal
Kopo ya ho lokisa tlhahisoleseding ya mokgatlo wa
Kopo ya ngodiso ya sekimi sa bongaka
Kopo ya ho fetola khampani ya ba mmalwa CC ho ba k
Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete
Kopo ya ho ngodisa khampani ya kantle
Kopo ya ho ngodisa khampani ya bohle
Mekgatlo ya Tshireletso ya Mollo
Kopo ya ngodiso jwalo ka akgente ya CIPRO
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ho qala mokgatlo kgwebo
Ngodiso ya kgwebo
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho tsebisa Registrar of Companies (Mongodisi wa Dikhampane) mabapi le diphetoho seahelong sa kgwebo ya hao e ngodisitsweng. Diphetoho tsena di ka akga ditho tse ntjha tse ekeditsweng kapa tse ntshitsweng, ofisiri e ntjha ya ho lekola ditjhelete, aterese ya poso, jj.
Ha ho na le diphetoho dife kapa dife tse entsweng mabapi le khampani ya ba mmalwa CC e ngodisitsweng - e bang di malebana le ditho ho ekeditswe setho se setjha, ditho tse ntshitsweng, jj kapa diphetoho malebana le ofisiri ya ho lekola ditjhelete kapa aterese ya poso ya CC - ho hlokahala hore diphetoho tsena di ngodiswe ho Close Corporation Registration Office Ofising ya Ngodiso ya Khampani ya ba Mmalwa CC.
Diphetoho di tlameha ho ngolwa ho Amended Founding Statement CK2 (Setatemente sa Motheo se Lokisitsweng CK2). Dintlha tsa bohlokwa malebana le ho tlatsa foromo ya CK2 di entswe lenaneo ka morao ho leqephe la 2 mme di tlameha ho balwa pele ho tlatswa diforomo.
Mehato e lokelwang ho latelwa
Ntsha foromo ya kopo, CK2 mme o tlatse dikarolo tse amang maemo a hao.
Tlatsa Karolo A ha ho na le phetoho lebitsong la CC kapa mofuta wa kgwebo.
Tlatsa foromo CK2A mabapi le diphetoho tsa ofisiri ya ditjhelete kapa aterese ya kgwebo. Tlatsa Karolo B mabapi le diphetoho ho dintlha tsa ditho.
Tlatsa diforomo CK2 le CK2A ka enke e ntsho, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya CC.
Nehelana ka dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tse amehang ho CC.
Lefa tefo e hlokwang.
Ha ho ditlhakolo tse dumelletsweng (di)foromong. Ha diphetoho di hlophisitswe, setefikeiti se tiisang ngodiso ya ditokiso se tla posetswa ho Khampani ya ba Mmalwa (CC).
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Tshebetso e ka nka matsatsi a robedi hore e phethwe.
Ditjeo
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
