Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho tlaleha bonokwane Tshebeletsong
Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Ho sotlwa ha leqheku
Kopo ya ho kenya tletlebo ka ho hlokahala
Tefiso ya 419 e tlang pele ya boqhekanyetsi ba bom
Thibelo ya Botlokotsebe 08600 10 111
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le molao
Ho tlaleha botlokotsebe
Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Ho tlaleha motho ya lahlehileng
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Tshebeletso ena e etsa hore setjhaba se kgone ho tlaleha motho ya lahlehileng. O ka tlaleha motho hore o lahlehile hang feela ho ba o belaele hore ho na le ho etsahetseng ho yena.
Ha ho na nako ya ho leta ho tlaleha motho ya lahlehileng. Ha lepolesa le sa batle ho o thusa, tseka ho bua le ya ka hodimo ho lona, mme o tswele pele ho etsa jwalo ho fihlela o fumana thuso eo o e hlokang. Ha o batla ho tseba haholwanyane ka bana ba lahlehileng, e ya weposaeteng ya South African Centre for Missing Children.
Hodimo
Mehato e latelwang
Ha o belaela hore motho ya itseng o lahlehile, leka ho iteanya le yena pele.
Ha o sa kgone ho fumana mohlala wa hae, e ya seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa kapa ditshebeletsong tsa ditlelaente ka potlako.
Fana ka lesedi le itseng ka motho eo, mme senepe sa hae sa moraorao e ka ba sona se ka sebetsang haholo.
Tlatsa foromo ya SAPS 55 (A) e be o saena indemnity form e sireletsang ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) ditlalehong tseo e seng tsa nnete.
Ha motho ya lahlehileng a fumanwe, e ya seteisheneng sa mapolesa moo motho eo a ileng a tlalehwa teng ho ya tsebisa lepolesa kapa mohlanka ya fuputsang nyewe eo.
Tlatsa foromo ya SAPS 92 ho etsa hore ho hlakolwe motho ho circulation system (lenane la batho ba batluwang) e tshwanetseng.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
O ka tlaleha motho ya lahlehileng seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa, e seng feela moo motho ho belaelwang hore o lahlehile teng.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Biro ya Naha ya Batho ba Lahlehileng
Mpumalanga 013-249 1138
Limpopo
Mpumalanga
Kapa Leboya
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
