Ho etsa kopo ya ho rafa
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Ho etsa kopo ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Tokelo ya ho rafa ke tumello eo o e fuwang ke Mmuso ka Lefapha la Diminerale le Eneji e ho nehang taolo ya diminerale tsa morafo sebakeng se itseng. Tokelo ya ho rafa ha e be ka hodimo ho nako ya dilemo tse 30.
O fuwa tokelo ya ho rafa haebe:
Mokopi o na le ditjhelete le botsebi ba ho tsamaisa tshebetso e lohothwang ya ho rafa ka tsela e tla ba le dipoelo
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho rafa le nako ya mosebetsi oo.
Ha ho na tshilafatso kapa tshenyo e sa hlokeheng e tla ba teng tikolohong ka baka la tshebetso ya ho rafa
Mokopi o entse ditlhophiso tsa ditjhelete le tse ding hape bakeng sa morero o beuweng wa mosebetsi le phedisano.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Lefapha la Diminerale le Eneji
Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Tlatsa Foromo ya D: Application for a mining right (Kopo ya ditokelo tsa ho rafa) e fumanwang ofising ya Manejara wa Lebatowa. Foromo e ka bulwa hape weposaeteng ena.
Romela foromo ka letsoho kapa ka o e rejistara posong mme yona e ye ho Manejara wa Lebatowa eo mobu o welang tlasa lebatowa la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao e tla behwa ke Manejara wa Lebatowa.
Ha Manejara wa lebatowa a ananela kopo, yena e tla matsatsing a 14 ho tloha mohla kananelo, a ho tsebise:
Hore o romele lenaneo la taolo ya tikoloho bakeng sa ho tla tjhaelwa monwana
Hore o tsebise hape o iteanye le bohle ba anng le kgahleho le ba amehang matsatsing a 180 ho tloha mohla tsebiso.
Molaoo sebediswang
Maemo a tshebeletso
Manejara wa Lebatowa o tla ho tsebisa ka ho o ngolla haebe kopo e ananetswe, hona ho bolela hore kopo ya hao e latela ditlhoko tsohle , mme matsatsing a 14 a o amohela kopo o lokela ho iteanya le monga thepa kapa motho ya dulang hodima thepa ka molao mmoho le bohle ba amehang.
Ha kopo e sa atleha Manejara wa Lebatowa o tla kgutlisa kopo ho wena matsatsing a 14.
Ha Letona le hana ho fana ka tokelo ya ho rafa, lona le tla ho tsebisa ka ho o ngolla, matsatsing a 30, le bolele mabaka e etsang hore le hanele kopo eo.
Ditjeo
Ditjeo di tla behwa ke lefapha mme tsona ha di kgutliswe.
Palo e tla fapana ka ho ya ka minerale e tla rafshwa.
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
