Kopo ya ho kenya tletlebo ya boitshwaro bo sa lokang
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ho kenya tletlebo ya boitshwaro bo sa loka
Kopo ya ho romela tletlebo
Ho kenya tletlebo ka kgethollo
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le molao
Ditletlebo
Kopo ya ho kenya tletlebo ya boitshwaro bo sa loka
Kopo ya ho kenya tletlebo ya boitshwaro bo sa lokang kapa ditlolo tsa molao tse etswang ke ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) kapa tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Masepala (MPS)
Sepheo sa tshebeletso ena ke ho etsa hore ditho tsa setjhaba di kgone ho romela tletlebo ho ba Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo e leng Independent Complaints Directorate (ICD). Ha o romela tletlebo ofising ya naha ya ICD, taba eo e tla romelwa ofising e tshwanetseng ya provinse (ho tla ya ka tikoloho eo ketso e etsahetseng ho yona) bakeng sa phuputso.
Mefuta ya ditletlebo tse ka etsuwang ho ICD:
Tletlebo ya Sehlopha sa II: Tletlebo ya ho se mamele SAPS ka ho ya ka Molao wa Dintwa tsa Lapeng, 1998 (Molao wa 116 wa 1998), ka mantswe a mang ha setho sa SAPS kapa MPS se hloleha ho latela dipehelo tsa Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
Tletlebo ya Sehlopha sa III: Tletlebo e nang le menyenyetsi ya hore lepolesa/mapolesa a tlotse molao mme ho baka kotsi e mpe haholo mmeleng hoo ho leng ha hlokeha kalafo ya sepetlele. Boitshwaro boo bo sa lokang kapa tlolo ya molao e lokelwa hore e be e entswe motho a le ditlamong tsa sepolesa. Lenane lena le latelang ke la ditletlebo tsa Sehlopha sa III:
Tshebediso e sa lokang ya matla e leng e nang le sephetho sa bohlokwa setjhabeng mabapi le ho dikotsi tse bakilweng; palo ya batho ba amehileng; palo ya tjhelete e amehileng; kapa nako eo e etsahetseng ka yona.
Ho tjhesa
Kotlo ka maikemisetso a ho hlahisa kotsi e soro, kapa ho leka ho bolaya
Ho fojara mme o amohele tokomane e fojarilweng o ntse o tseba hore e fojarilwe ho fihla ho boleng ba R50 000 kapa ka hodimo
Bomenemene
Ho lematsa ho soro
Molato wa ho hlapanya ka leshano (Perjury )
Merusu ya setjhaba
Tshoso
Ho kwetela
Tshenyo e soro ya thepa
Ho ba le thepa e utswitsweng
Peto
Ho amohela thepa e utswitsweng
Tlatlapo
Bobodu
Boshodu
Ho amoha ka dikgoka
Ho hlohlelletsa, ho rera phetohelo kapa ho leka ho tlola ofe kapa ofe wa melao ena e boletsweng mona ka hodimo
Tletlebo ya Sehlopha sa IV: Tletlebo e nang le menyenyetsi ya hore setho sa SAPS kapa MPS se tlotse molao o mong ntle le eo e boletsweng mona ka hodimo kapa ha se ya itshwara hantle mme hoo hoa ho a ka ba le sephetho sa ho hlokahala kapa ho ntsha kotsi e mpe mmeleng ho motho ofe kapa ofe.
Tletlebo ya Sehlopha sa V: Tletlebo e ka ntle ho taolo ya thomo kapa leano la ICD.
Ditletlebo tse ke keng tse etswa ho ICD:
Ditletlebo tsa diketsahalo tse etsahetseng pele ho hlongwa ICD, ke hore, diketsahalo tsohle tse etsahetseng pele ho Mmesa 1997. Hape le diketsahalo tse etsahetseng ka hodimo ho selemo pele di tlalehwa ho ICD, ntle le haebe ho na le mabaka a ikgethang.
Ditletlebo kgahlanong le moifo wa Ditshebeletsong tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, bahlanka ba lekgotla la dinyewe le ditho tsa Lebotho la Tshireletso la Naha la Afrika Borwa.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo
Kenya tletlebo ka bowena, ka ho founa, ka lengolo kapa ka e-mail ofising e haufi ya ICD. Ditletlebo tsohle di lokelwa ho etswa dihoreng tsa ho sebetsa, pakeng tsa 8h00 le 16h30.
Tlatsa Foromo ya Tlaleho ya Ditletlebo (Foromo ya 1) mme o e romele ka fekse ofising e haufi le lona ya ICD
ICD e ka kopa hore o fane ka tlhahisoleseding e nngwe pele tletlebo e ka fuputswa.
Ha o tla ka bowena, o tla teana le case worker (ya sebetsang ka dinyewe) kapa analyst (mohlopholli).
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Tshebetso ya ditletlebo:
Kananelo ya ketelo ke tlelaente e ka nka metsotso e ka bang mehlano.
Kananelo e ngotsweng fatshe ya ho fumana tletlebo e ka nka matsatsi a 30.
Tlaleho ya kgatelopele e ka nka matsatsi a 30
Pehelo ya ho qetela e ka nka matsatsi a 90
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
