Kopo ya laesense ya sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Kopo ya laesense ya sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se tlameha:
ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke moahi a le mong kapa ba bangata ba Afrika Borwa kapa ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke ofe kapa ofe motse wa bolaodi bo kopanetsweng, mokgatlo kapa mokgatlo o mong wa batho ba entseng khampani kapa o thehilweng tlasa melao ya Rephaboliki ya Afrika Borwa moo bongata ba dikabelo le ditokelo tsa ho vouta di laolwang ke batho bao e leng baahi ba Afrika borwa.
Ka tlwaelo sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa lehae se na le disebediswa tse sebediswang ho tshwasa ditlhapi kapa mesebetsi e tsamaelanang le hona.Sekepe se akga diaparo tsohle, disebediswa, dibaka tsa ho boloka, thepa le mafura a ho tsamaisa hona sekepeng.Sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi se ka akga sekepe sefe kapa sefe se thusang sekepe se le seng kapa tse ngata tse lewatle phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe o tsamaelanang le ho tshwasa ditlhapi.Hona ho ka kenyeletsa, empa ho sa fella ho tse latelang:
tlhophiso ho fepela ho boloka ho boloka ho sehatsetsi ho thotha, kapa ho lokisa; mmoho /kapa ho kena ka ho tobileng ho mesebetsi ya ho tshwasa ditlhapi sebakeng sa Exclusive Economic Zone (EEZ) (Zounu e Ikgethang ya Moruo) metsing a matjhaba tlasa folakga ya RSA.
Ha ho motho ya tshwanelang ho sebedisa sekepe sa ho tshwasa ditlhapi kapa sekepe sefe kapa sefe se seng ho sebedisa tokelo ya ho fihlella ho ditlhapi ntle le ha laesense e ntshitswe, mmoho le tumello e tsamaelanang le yona ha monga sekepe e le monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi.Maemong ao monga sekepe e seng monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi, ho tlameha ho be teng kontraka ya ho sebedisa sekepe se jwalo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se tlameha ho latela mekgwatshebetso ya (SAMSA) ya ho hlahloba ho tshwaneleha ho ba lewatle mme SAMSA e ka ntsha Safety Certificate (Lengolo la Bopaki la ho Bolokeha).
Fumana foromo ya kopo ho Deat (Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaudi).
O tlameha hoba monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi (ya neng a entse kopo mme a nehwa tokelo ya ho tshwasa ditlhapi).Ha o se monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi ya nang le sekepe, jwale nehelana kapa kenyeletsa kontraka, e fihlelletsweng le monga sekepe ho sebedisa sekepe se boletsweng, ha o kenya kopo ya laesense ya sekepe.
o lebitso la sekepe o lebitso la monga sekepe o mofuta wa matla, bolele ba sekepe o matla a enjine le mothamo wa sekepe o karolo ya ho tshwasa ditlhapi eo sekepe se reretsweng ho sebetsa ho yona o folakga ya Mmuso oo sekepe ha jwale se ngodisitsweng tlasa wona ha se hiruwe kapa se le tlasa kontraka ya South African Fishing Right Holder Monga Tokelo ya ho Tshwasa Ditlhapi wa Afrika Borwa
Bontsha bolelele ba nako le kopo ho karolo ya ho tshwasa ditlhapi eo sekepe se reretsweng ho sebetsa ho yona.
Tlatsa foromo ka mongolo a arolang ditlhaku o ngole ka ditlhaku tse kgolo mmoho le nehelano ya mabaka a ngotsweng moo ho hlokahalang.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Kopo e ka nka matsatsi a 3 a mosebetsi kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.
Hodimo
Ditjeo
Tefiso e a fetofetoha ho ya ka bolelele ba sekepe
Ditefiso tsa jwale
Ho feta 20m
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi mawatleng a tebileng
Tjhelete ya Kopo: R125
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
