Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka n
Kopo ya ho tswaka jwala bo bongata ba setswantle
Kopo ya lengolo la bopaki la tokollo ya ho reka jw
Kopo ya tumello ya ho rekisa jwala bo bongata
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Diphemiti tsa jwala
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Setefikeiti sa setswantle se a hlokahala hore o kgone o amohela sehlahiswa sa setswantle sa jwala (ntle le ho biri) mona Afrika Borwa. Setefikeiti sa setswantle kapa kopi e tla hlokwa pele thoto e lokollwa ledibohong la ho kena.
Moamohedi wa setswantle o etsa kopo ya setefikeiti sa setswantle ha nngwe bophelong ba sehlahiswa. Ka mora moo nomoro eo e le nngwe ya setefikeiti sa setswantle e ka sebediswa ha sebopeho, dikahare, saese ya botlolo le leibole ya sehlahiswa e sa tjhentjha.
Setefikeiti sa setswantle se ke ke sa hlokahala bakeng sa dihlahiswa tse fupereng jwala bo ka hodimo ho pesente e le nngwe ya setswantle bakeng sa ho nwa mme e le karolo ya thoto ya botho ya motho ya fihlang Afrika Borwa, ho itshetlehile hore dihlahiswa tse jwalo:
o paloyohle ya tsona ha e fete mothamo wa dilithara tse 12 mme o e reretswe feela bakeng sa tshebediso ya motho eo, lelapa la hae le baeti ba hae ba sa lefeng.
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya kopo.
Kopo ka nngwe e tshwanetse ho felehetswa ke sampole e fupereng bonyane 750 ml ya sehlahiswa se amehang.
Maemong a setswantle se botlolong, nehela ka sampole botlolong e nang le leibole eo e tla rekiswa ka yona.
Romela sampole ya jwala bo amohetsweng e le setswantle se sengata ka botlolo e tlwaelehileng ya 750 ml.
Romela setefikeiti se amohelehileng sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong ya naha eo se tswang ho yona. Ha sena se sa fumanehe, Division Liquor Products (Karolo ya Dihlahiswa tsa Jwala) e tla etsa tlhophollo ya khemikhale ya sampole.
Maemong a setswantle se botlolong, leibole ya botlolo e hlahlojwa ho etsa bonnete ba hore e kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989 (Molao wa Dihlahiswa tsa Jwala, 1989).
Bakeng sa setswantle se sengata dikahare di tla hlahlojwa. Leibole e hlahlojwa ho o etsa kopo ya tumello ya setefikeiti sa ho rekisa.
Karolo e tlameha ho fumana tjhelete (e lewala) pele ho ka ntshuwa setefikeiti sa setswantle.
Setefikeiti sa setswantle se tla ntshuwa ha dikahare le leibole, maemong a setswantle se botlolong, mme maemong a setswantle se sengata, ha dikahare tsa sehlahiswa di kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989 (Molao wa Dihlahiswa tsa Jwala). Jwale thoto ya sehlahiswa e ka amohelwa jwalo ka setswantle.
Neha Division Quality Audit (Karolo ya Tlhahlobo ya Boleng) tsebiso ya dihora tse 48 bonyane ka nako tsohle thoto ya jwala e ntsheditsweng setefikeiti sa setswantle, e tla kena Afrika Borwa.
Ha dihlahiswa tsa jwala di fihla Afrika Borwa, moamohedi wa setswantle o tlameha ho fumana lengolo la ho fetisa ho Division Quality Audit (Karolo ya Tlhahlobo ya Boleng) hore a tlose jwala sebakeng sa lediboho kapa setsheng sa seemelo sa setshelo sa kgetho ya hae.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Hodimo
Ditjeo
Tlhophollo ya sampole ya Setswantle: R310
Tefo ya tlhophollo ho ya ka ditefiso tse tlwaelehileng tsa tlhophollo ya jwala (tse lefiswang ke Analytical Services South (Ditshebeletso tsa Borwa tsa Tlhophollo) ka mokgwa wa tshupamolato)
Ha moamohedi wa setswantle a nehela Division Liquor Products (Karolo ya Dihlahiswa tsa Jwala) ka setefikeiti se amohelehang sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong naheng eo se tswang ho yona, a ka nehwa tesello mabapi le ho lefa R290.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
