Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Setifikeiti se Lamunu ho fanwa ka sona ha sampole e nkuwe semmuso ho lot mme dihlahlobo di etswa tlasa bolaodi ba laboratori e tshwanang e anaetsweng eo e leng yona e ntshitseng sampole.
Setifikeiti se Tala se tswa ha sampole e nkuwe semmuso ho tswa peong tlasa bolaodi ba laboratori e ananetsweng empa dihlahlobo di etswa laboratoring e nngwe e ananetsweng naheng e fapaneng.
Setifikeiti se Bolou se ntshiwa ha sampole e se tlasa boikarabelo ba laboratori e ananetsweng mme laboratori eo e ananetsweng e na le boikarabelo feela bakeng sa ho hlahloba sampole.
Ditifikeiti tse Lamunu le tse Tala di sebetsa peong eo di nkuweng ho yona, ha Setifikeit se Bolou sona se sebetsa feela sampoleng e fumanweng bakeng sa hlahlobo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Bula mme o tlatse diforomo tsa kopo bakeng sa Orange International Certificate weposaeteng. Jwalo ka ha laboratori e ananetsweng naheng e fapaneng e tla fana ka Setifikeiti se Setala, o kotjwa hore o iteanye le ba OSTS (sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
Romela dikopo ka fekse ho ba OSTS (sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
Dinomoro tsa seed lot di tla ajwa e be kopo e kgutlisetswa morao ho wena ka fekse. E tla romelwa hape ka fekse ho mohlanka ya dumelletsweng wa tlhakiso (ya etsang disampole) diofising tsa lebatowa, e leng ya tla etsa disampole.
Ha di-seed lot di se di loketse ho etsa disampole, bitsa mohlakisi ho tla nka disampole.
Disampole di nehwa ba OSTS e be a hlahlojwa boleng mme ho fanwe ka setifikeiti se tshwanetseng.
Lefa tefello ya ho hlahlojwa ha peo. Ha o fumana disampole, o tla be o se o fuwa le tshupamolato. Dintlha tse mabapi le ho banka ke tsena:
Khoutu ya lekala: 01-08-45
Nomoro ya akhaonte: 011244887
Tefello e ka etswa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ho bohlokwa hore hobolelwe nomoro ya tshupamolato bakeng sa hore ba kgone ho amahanya tjhelete e kentsweng le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Etsa kopo ya Setifikeiti se Bolou ka lengolo le nang le di-letterhead tsa mokgatlo wa lona, hobane ho tshwauwa ha di-seed lot mmoho le ho etswa disampole tsa semmuso ho ke ke ha amohelwa.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ha ho namolao o sebediswang.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Official Seed Testing Station ba beha ka pele lenaneng hlahlobo ya disampole tsa peo bakeng sa merero ya ho romela ka ntle. Mefuta e fapaneng ya dimela le maemo a fapaneng a hlahlobo ekasitana le nako ya hlahlobo di ka fapana ka matsatsi a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa.
OSTS e phehella ho nontsha disampole tsa peo ho tswa pokellong e le nngwe e tlasa maemo a tshwanang a hlahlobo. Hape ho ka kotjwa mefuta e fapaneng ya dihlahlobo bakeng sa tlelaente. Ka hoo, ha ho na tlhahisoleseding ya maemo a tshebeletso eo ho ka fanwang ka yona. Botsa sebakeng seo ka bosona (sheba dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona).
Hodimo
Ditjeo
Ditifikeiti tsa boleng ba peo
R85 setifikeiti ka seng
Ho etsa disampole le ho kwalwa ka thata ha ditshelo:
R230 ka hora
Di-seal tsa ho kwala ditshelo ka thata
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Temo
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
