Saposidi e le nngwe ya ntlo
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Saposidi e le nngwe ya ntlo
Kopo ya thuso ya motheo
Kopo ya saposidi e akaretsang ho kenyelletswa tshebetsong ya batho ya phumantsho
Kopo ya thuso ya mahaeng
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Matlo a fumanang disaposidi
Saposidi e le nngwe ya ntlo
Kopo ya saposidi e le nngwe ya ntlo
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Saposidi e le nngwe ya ntlo ke thuso ya mmuso e fuwang batho ba batlang ho ba beng ba ditsha tse fumanang ditshebeletso. E dumella moamohedi ho kena konterakeng ya ho haha ntlo, kapa ho reka ntlo ya bodulo e ntseng e le teng mme e ntlafaditswe eo e seng karolo ya projeke e ananetsweng ya saposidi ya matlo.
Saposidi ena hape e thus a baamohedi ba tshwanelehang ba batlang ho eketsa disaposidi tsa bona ka ho fumana mokitlane, ekasitana le baamohedi ba sa tshwaneleheng ho fumana mokitlane.
Batho ba nang le ditlhoko tsena tse latelang ba ka etsa kopo:
moahi wa Afrika Borwa ya nang le phemiti ya saruri ya bodulo ya nyetseng kapa ya dulang le molekane wa nako e telele batho ba eso ka ba nyala ba ka hodimo ho dilemo tse 21 mme ba na le bahlokomelwa ba bona kuno ya kgwedi le kgwedi ya lelapa lohle e le R3 500 kapa ka tlase motho ya eso ka a ba monga thepa kapa yona ntlo pejana (ho ka ba le mekgelo e itseng)
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya kopo e fumanehang feela Lefapheng la Matlo la Provinse, dibankeng le ho bomasepala.
Isa foromo ho conveyance ho ya tlatsa Karolo ya G.
Isa foromo ho Mokadimisani kapa setheong sa ditjhelete ho ya tlatsa Karolo ya H haebe ke dikopo tse amahantsweng le mokitlane.
Isa foromo ho contractor ho ya tlatsa Karolo ya I haebe ke matlo a matjha a sa tswa hahuwa.
Etsa kano ho Mokhomishenara wa Kano.
Hokela ditokomane tsohle tsa tiisetso:
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Maemo a tshebeletso a fapana ho ya ka mofuta wa kopo.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Matlo
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
