﻿
Kopo ya phemiti ya mosebetsi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phemiti ya mosebetsi ke tokomane ya semmuso e nehang baahi ba matjhabeng tokelo ya ho nka mosebetsi mokgatlong ofe kapa ofe ka hara Afrika Borwa. Phemiti ya mosebetsi e nehwa baahi ba dinaheng tse ding feela.

Hodimo

Mehato e latelwang

Foromo ya kopo e tlatsitsweng ya BI – 1738 embasing kapa misheneng o haufi wa Afrika Borwa naheng eo o leng ho yona.
Dikopo bakeng sa mefuta yohle ya diphemiti tsa mosebetsi di lokelwa ho etswa ofising e haufi ya boemedi ba manqosa a Afrika Borwa naheng ya mokopi kapa ofising ya lebatowa e haufi ya Lefapha moo mokopi a tla hirwa teng.
Romela ho latelang:

phasepoto e sebetsang bonyane matsatsi a 30 ka mora nako eo o ikemiseditseng ho dula ka yona Rephaboliking
ka ho ya ka molao, ho hlokeha le setifikeiti sa moento
diraporoto tsa bongaka le tsa radiology. Bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 12 le baimana ha ba hloke ho ntsha raporoto ya radiology
setifikeiti sa lenyalo , afidaviti ya mohatsa jwalo ka ha ho laetswe, setifikeiti sa ho hlokahala  kapa lengolo la tlhalo
ditifikeiti tse felletseng tsa tswalo tsa bana ba tla tsamaya le mokopi
clearance certificate ya maponesa ho tswa dinaheng tsohle tseo mokopi le mohatsa hae ba kileng ba dula ho tsona ho tloha dilemong tse 18 le bakeng sa bana bohle ba dilemo tse kapa ka hodimo ho moo ba tla tsamaya le mokopi ha a le Rephaboliking
setifikeiti sa ho entela feberu e tshehla ha o tsamaya kapa o ikemiseditse ho tsamaya sebakeng seo feberu e tshehla e tletseng ho sona.


Hodimo

Molao o sebediswang



Immigration Act, 2002  as amended 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho na nako e beuweng.

Hodimo

Ditjeo

R1 520

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



BI-1738 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


