﻿

Lenaneo la Matlafatso ya Lehlatsipa

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Lenaneo la Victim Empowerment Programme   le lokisetsa ho hlomamisa le ho momahanya mananeo pakeng tsa mafapha kapa pakeng tsa dikarolo le maano bakeng sa tshehetso, tshireletso le matlafatso ya mahlatsipa a tlolo ya molao le morusu.

VEP e na le tjhadimo e kgethehileng ho basadi le bana.Mahlatsipa a morusu wa lapeng a maemong a kotsi a ka dula sebakeng se tshireletsong nako e pakeng tsa dibeke tse pedi ho ya ho dikgwedi tse tsheletseng ho itshetlehile ho maemo.

Lenaneo le a fumaneha bakeng sa mahlatsipa a tlolo ya molao le morusu.

Hodimo

Mehato e latelwang

Hokahana le setsi sefe kapa sefe sa tshehetso ya mahlatsipa, sebaka se tshireletsong sa basadi le bana ba bona ba hlekefeditsweng, monehelani wa tshebeletso ya mmuso kapa mokgatlo o seng tlasa mmuso o amehang tlhokomelong ya mahlatsipa a morusu wa lapeng.
Hokahana le sebaka sa tshireletso hara motse wa heno kapa Mohala wa Thuso wa STOP Women Abuse nomorong e reng 0800 150150.
Moeletsi, monehelani wa tshebeletso ya bophelo, setho sa South African Police Service   kapa lepolesa, mosebetsi wa tsa bodulo, titjhere kapa motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello e tshwarehang ho bodulo bo botle ba motletlebi  a ka etsa kopo ya taelo ya tshireletso.
Etsa bonnete ba hore ha motho e mong ntle le ho motletlebi a tlisa kopo ya taelo ya tshireletso, kopo e tlameha ho felehetswa ke tumello e ngotsweng ya motletlebi.

Ha ho foromo e balletsweng bakeng sa tumello ena e ngotsweng – lengolo la motletlebi le nehang tumello a ngotsweng le lekane.Leha ho le jwalo, ho na le maemo a itseng moo tumello e ngotsweng ho ka etsahalang e se ke ya hlokahala, jwalo ka ha motletlebi a

le dilemong tse tlase;
hloka boitekanelo kelellong;
idibane; kapa
ha lekgotla la molao le kgotsofetse hore motho ya amehang ha a kgone ho nehelana ka tumello e hlokwang.

Hodimo

Molao o sebediswang



Domestic Violence Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Nako e hlokwang ya ho hlophisa taelo ya tshireletso e a fetafetana ho tloha lekgotleng le leng la molao ho ya ho leng ho itshitlehile ho letsatsi la ho kgutla  le behilweng ke tlereke ya lekgotla.
Tshebeletso e tla nehelwa tlasa ditlhoko tsa Minimum Standards for Service Delivery in Victim Empowerment  ). e hatisitswe mme ya hasanngwa diprovenseng).
Basebetsi ba tsa bodulo le mekgatlo e seng tlasa mmuso e tlameha

ho tshehetsa mahlatsipa seteisheneng sa mapolesa, lekgotleng la molao le dipetlele esita le ho matlafatsa motletlebi ha a hloka thuso; le
ho nehelana ka tlhahisoleseding mabapi le mekgwatshebetso e tla latelwa, ditokelo tsa motletlebi, mokgwa wa ho fumana taelo ya tshireletso kapa tse ding dikgetho tse fumanehang;

Ke boikarabelo ba mosebetsi wa tsa bodulo

ho romela mahlatsipa dithusong tse ding bakeng sa dithuso tse eketsehileng, mohlala, taelo ya tshireletso, thuso ya bongaka, ditshebeletso tsa boeletsi le dibaka tse ding tsa tshireletso;
ho nehelana ka bopaki ba setsebi jwalo ka mosebetsi wa nyewe ka ho tseba ditshitiso tse teng dikamanong tsa lelapa;
ho sebetsa jwalo ka mohokahanyi lekgotleng la molao moo bopaki ba ngwana bo fumanwang ka ditshebeletso tsa mohokahanyi;
ho nehelana ka tshebeletso ya boeletsi ho lehlatsipa le ditho tsohle tsa lelapa;
ho hlahisa moralo wa ho bolokeha bakeng sa lehlatsipa .


Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Form 2 – Application for Protection Order 
Form J 480 E  e fumaneha diofising tse haufi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

0800 60 10 11


