

Ka moo o ka etsang VAT vendor search

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebetso ya VAT vendor search ke tshebetso ya ho batla moleng wa wepsaete o ka sebediswang ke kgwebo, ditho tsa setjhaba, bahahlaudi le mafapha a mmuso.

Tshebetso ena e ka sebedisetswa ho tiisetsa hore batho ba fanang ka thepa kapa ditshebeletso ba ngodiswa bakeng sa lekgetho la value-added tax  le ho kgothaletsa tlaleho ya bao ba ka balehang ho lefa lekgetho.

Dikgwebo tse nang le dipoelo tsa selemo tse ka tlase ho R300 000 ha di a tshwanela ho ngodisa bakeng sa VAT. Dikgwebo tsohle tse lefisang VAT di lokela ho ngodisa mme di lefe VAT ho ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa  .

Hodimo

Mehato e latelwang

Batla Mohwebi wa Lekgetho la Molemo o Ekeditsweng ka tsela ya khomputara ka ho sebedisa:

lebitso la kgwebo la morekisi
nomoro ya VAT

Lebitso le lokela ho ba lona hantlentle la kgwebo e ngodisitsweng ya morekisi.

Hodimo

Molao o sebediswang

Value-added Tax Act, 1991  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tshebeletso e fumaneha ka potlako weposaeteng ya SARS.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Batla ka ho sebedisa tsela ya khomputara.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


