Kopo ya laesense ya ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Kopo ya ngodiso le Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Diposo bakeng sa ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa rifuwang e lokela ho ka mokgwa le sebopeho se beuweng ke Letona ka kgothaletso ya Bolaodi. Ho lefiswa tefello ya kopo e sa kgutlisweng ya R500 ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng kapa ka transfere ya elektroniki.

Ngodiso e sebetsa bakeng sa nako ya selemo se le seng ho tloha mohla ho ntshitsweng setifikeiti sa ngodiso.

Ditshebeletso tsena tse latelang di risefuwe bakeng sa Posos ya Afrika Borwa feela

Ho tsamaisa mangolo a nang le diaterese
Ho tsamaisa dintho tsa boima ba koligrama e le nngwe kapa ka tlase
Ho tsamaisa disilindara tsa 458 mm kapa ka tlase, botenya ba 100 mm mme le boima ba kilograma e le nngwe
Ho rekisa ditempe tsa ho posa
Ho fana ka tshebeletso ya pokello mmileng le mabokosong a diaterese.

Hona ha ho kenyelletse dikgwebo tse tsamaisang dihlahiswa tsa tsona, tse jwalo ka tsa dipalesa, selakga kapa lebenkele la korosari.

Batho kapa dikgwebo di na le bolokolohi ba ho kopa laesense ya ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa risefuwang .

Kopo ya ngodiso Bolaoding ba Ditshebeletso tsa Diposo bakeng sa ho tsamaisa tshebeletso ya poso e sa risefuwang e lokela ho ba ka mokgwa le sebopeho se beuweng ke Letona ka kgothaletso ya Bolaodi.

Ho lefiswa tefello ya kopo e sa kgutlisweng ya R500 ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng kapa ka transfere ya elektroniki.

Ngodiso e sebetsa bakeng sa nako ya selemo se le seng ho tloha mohla ho ntshitsweng setifikeiti sa ngodiso.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya Lefapheng la Dikgokahano

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsa kopo tse tharo.
Lefa tjhelete ya kopo ka kontane kapa tjheke e tiiseditsweng bankeng ho:

Department of Communications
Nedbank Account 1462003206, Branch 146245, Ref: Registration fee

Romela foromo ya kopo Lefapheng la Dikgokahano mmoho le bopaki ba tefello.
Romela ka fekse bopaki ba tefello nomorong ena: 12 427 8536.
Hokela ho latelang:

Setifikeiti sa ngodiso sa kgwebo
Dikhopi tse tiiseditsweng tsa ditokomane tsohle tsa ho thehwa tse tshwanetseng
Dintlha tsa ba nang le dishere le persente ya motho ka mong ya nang le shere
Dintlha tsa mokga o laolang
Moralo o felletseng wa kgwebo


Ho hloleha holatela efe kapa efe ya ditlhoko tsena ho ka etsa hore kopo e se ananelwe.

Hodimo

Molao o sebediswang



Postal Services Act, 1998  Molao wa Ditshebeletso tsa Poso

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Laesense e ka loka ka mora matsatsi a 30.

Hodimo

Ditjeo

Tefello ya ngodiso e sa kgutlisweng ya R500

Tefello ya laesense ke R25 000


Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Application for a licence to operate an unreserved postal service: Form PRR 1

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


