﻿
Ho etsa kopo ya laesense ya thelevishene     


Tlhaloso



Laesense ya thelevishene e dumella motho ho reka thelevishene le ho boha thelevishene .

Ha o reka laesense ya TV kgetlo la pele, o lefa tefello e felletseng ya selemo ya R225. Tefello ya laesense e nang le theolelo ke R65 ka selemo.

Batho bana ba latelang ba na le tokelo ya ho ba le laesense e nang le theolelo:

Mang kapa mang ya dilemo tse 70 kapa ka hodimo ho moo mme a sa dule le bahlokomelwa kapa batho bao e seng bahlokomelwa ba sebetsang mme ba fumana moputso

Motho ofe kapa ofe o fumanang thuso ya setjhaba – ya maqheku, ya kgolofalo kapa ya mekaubere ya ntwa – ho tswa Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba

Mekgatlo e hloka laesense ya TV bakeng sa thelevishene ka nngwe eo ba nang le yona. Malapa a hloka laesense e le nngwe bakeng sa dithelevishene tsohle tse leng teng ka lapeng.

Morekisi o lokela ho tsebisa batho ba batlang ho reka dithelevishene empa ba se na dilaesense hore ba ke ke ba kgona ho reka TV pele ba hlahisa bopaki ba hore ba na le laesense ya thelevishene. Batho bao ba batlang ho reka ditelevishene ba lokela ho etsa kopo ya laesense Posong e haufi kapa ba kope morekisi hore a ba rekele dilaesense.

Laesense ena e ntjhafatswa selemo le selemo.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba TV Licences

Mehato e lokelwang ho latelwa

Etsa kopo Posong e haufi kapa morekising ya dumelletsweng ho fana ka dilaesense tsa TV.
Romela ho latelang:
Tokomane ya hao ya boitsebiso
Foromo ya kopo mmoho le tefiso ya kopo
Bopaki ba aterese ya moo o dulang le aterese ya poso, mmoho le nomoro ya thelefounu

O ka etsa kopo hape inthaneteng atereseng ena www.tvlic.co.za



Molao o sebediswang

Broadcasting Act, 1999  Molao wa Kgaso



Maemo a tshebeletso

Ho ka nka dihora tse mmalwa.

Ditjeo

R225
R65 bakeng sa laesense e nang le theolelo

Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

Application for TV Licence.

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



