
Kopo ya laesense ya ho kganna ya nakwana
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Laesense ya ho kganna ya nakwana ke laesense e ntshwang ho bakganni ba loketseng ba:

emetseng laesense ya bona ya sebopeho sa karete ya mokitlana
entseng kopo ya ntjhafatso ya dilaesense tsa bona
lahlileng laesense tsa bona tsa ho kganna.

Laesense ena e amohelehile dikgwedi tse tsheletseng feela mme e ntshwa setsing sefe kappa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya laesense ya ho kganna.
Tlisa ditokomane tse latelang:

bukana ya Boitsebiso  kapa phasepoto)
dinepe tse pedi tsa boholo ba ID tsa mmala o motsho le o mosweu.

Teko ya mahlo e tla etswa pele laesense ya ho kganna ya nakwana e ntshwa.
Lefa tjhelete e behetsweng.

Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Laesense ya ho kganna ya nakwana e ntshwa letsatsing leo e kotjwang ka lona.

Hodimo

Ditjeo

