﻿

Kopo ya taelo ya ho hulwa ha lekgetho – letlole la penshene ya selemo

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Kopo ena e romelwe ha motho a le dilemong tsa ho phomola, mme a bat la ho fumana ditshwanelo tse fumanwang ka leano la penshene ya selemo .

Kopo ena e ka nna yaba le yona e ka etswa ha eba setho se batla ho lebisa melemo ya hae ka tlasa letlole le le leng la penshene ya selemo ho le leng letlole la pensehene ya selemo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya ho hulwa ha lekgetho o be o e romelle ho South African revenue Service .
Tsebiso e ka sebediswang e latelang e nyenyane e a hlokwa ho sebetsana le kopo ya taelo:

sefane sa molefi wa lekgetho
ditlhaku tsa pele  tsa mabitso a molefi wa lekgetho
letsatsi la tswalo la molefi wa lekgetho
nomoro ya Boitsebiso  ya molefi wa lekgetho kapa nomoro e nngwe e sele
mofuta wa kopo ya taelo
lebaka la kopo ya taelo
aterese ya moo o dulang teng le khoutu ya poso ya molefi wa lekgetho
aterese ya poso le khoutu ya poso ya institushene kapa ramosebetsi
moputso wa selemo wa molefi wa lekgetho.

Ha eba nomoro ya tshupiso ha e yo, fana ka lebaka la ho se ngodisi.

Mokgwa o bobebe wa ho ngolla taelo ya lekgetho ke ho e etsa ka eFiling. Kopo ya hao ya taelo ya lekgetho ka tshebeletso ena e ye e amohelwe dihoreng tse 48.

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo ya taelo ya lekgetho ka eFiling e ye e amohelwe dihoreng tse 48.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ha e lefellwe.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Tlatsa mme o neelane ka kopo ya hao ka tsela ya khomputara. Ka mokgwa o mong, ntsha mme o tlatse foromo, Request for a Tax Deduction Directive, Form C.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


